1 Dikronike 15:29 - BIBELE29 Yare ha areka ya selekane sa Morena e kena Motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, a sheba ka fesetere, a bona Davida a tlala, a etsa menyakwe, mme a mo nyedisa. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)29 Areka ya selekane sa Jehova ha e fihla motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, ha a nyarela ka fensetere, a bona morena Davida a tlala, a hobela, mme a mo nyedisa ka pelong ya hae. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.
Ka ho sona ho ne ho ena le aletare ya kgauta, moo ho neng ho tjhesetswa mokubetso teng, le areka ya selekane e apesitsweng ka kgauta, moo ho kentsweng pitsa ya kgauta e tshetseng manna, le lere la Arone le neng le ile la eba le dithunthung, le matlapa a mabedi ao ho ngotsweng mantswe a selekane ho wona.