1 Dikronike 15:25 - BIBELE25 Jwale bo-Davida, le baholo ba Iseraele, le balaodi ba bahlabani ba dikete, ba ya tlung ya Obede-Edomo, ho ya lata areka ya selekane sa Morena, ba thabile. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)25 Davida le baholo ba Iseraele le balaodi ba dikete ba ya lata areka ya selekane sa Jehova tlung ya Obed-Edomo ka thabo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Empa tsena tsohle le tla di jella kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha; lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Molevi ya kahara metse ya lona. Kapele ho Morena Modimo wa lona, le tla thabiswa ke tsohle tseo le di sebetsang.
Le thabe kapele ho Morena Modimo wa lona: lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Balevi ba ahileng kahara metse ya lona, le bajaki, le dikgutsana, le bahlolohadi ba hara lona, le le sebakeng se tla kgethwa ke Morena Modimo wa lona, hore a dule ho sona.