“Tsamaya, o yo bolella Hilekiya, Moprista e Moholo, hore a bale tjhelete e tlisitsweng ka Tempeleng ya Morena, eo balebedi ba monyako ba e amohetseng ho setjhaba.
Ke ha ba eya, ba fihla ba bitsa molebedi wa motse, ba mmolella, ba re: “Re ile ra fihla diahelong tsa Baarame, ra fumana ho se na motho, ho sa utlwahale le lentswe la motho, empa dipere tsona di ne di ntse di holehilwe, le ditonki di ntse di holehilwe, le ditente di setse di le jwalo.”
Baprista, bo-Shebaniya, le Jehoshafate, le Netanele, le Amasai, le Sekariya, le Benaya, le Eleesere, bona ba ne ba letsa diterompeta ba le kapele ho areka ya Modimo. Bo-Obede-Edomo le Jehiya e ne e le balebedi ba areka.