Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 15:17 - BIBELE

17 Balevi ba kgetha Hemane, mora wa Joele; ho bana babo ba kgetha Asafo, mora wa Berekiya; ho bara ba Merari ba kgetha Etane, mora wa Kushaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Balevi ba emisa Hemane, mora Joele, le ho banabao Hemane, Asafe, mora Berekia, le ho bara ba Merari, banababo bona, Ethane, mora Kushaia;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 15:17
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ba hlahlamang ka boemo ya eba Sekariya, le Jaasiele, le Shemiramote, le Jeiele, le Uni, le Eliabe, le Benaya, le Maasiya, le Matiteya, le Elefelehu, le Mikeniya, le Obede-Edomo, le Jeiele, e leng balebedi ba monyako.


Dibini tsena, bo-Hemane le Asafo, le Etane, tsa kgethelwa hore di letse matlheretlhere a lethose.


Ba ne ba ena le Hemane le Jedutune, le bohle ba neng ba kgethwe, ba bolelwa ka mabitso, hore ba boke Morena, “hobane mohau wa hae ke wa kamehla yohle.”


Bo-Hemane le Jedutune e ne e le bona ba okametseng baletsi ba diterompeta, le ba matlheretlhere, le ba diletsa tse ding, tse neng di letsetswa ho binela Modimo difela. Bara ba Jedutune e ne e le balebedi ba monyako.


Bana ke bara ba Kohate: Amorame, le Isihare, le Heborone, le Usiele.


Asire a tswala Tahate, Tahate a tswala Uriele, Uriele a tswala Usiya, Usiya a tswala Shaule.


Bara ba Merari: Merari a tswala Mahele, Mahele a tswala Lebeni, Lebeni a tswala Shimei, Shimei a tswala Usa,


Bana ke bona banna ba neng ba sebeletsa, hammoho le bara ba bona: Ba morabe wa Kohate: Hemane wa kgeleke ke mora wa Joele, setloholo sa Samuele,


Ya neng a bina a eme ka letsohong le letona le Hemane, ke Asafo: Asafo mora wa Berekiya, Berekiya mora wa Shima,


Bana babo bona, e leng bara ba Merari, ba neng ba bina ba le ka letsohong la hae le letshehadi ke Etane mora wa Kishi, Kishi mora wa Abade, Abade mora wa Maloke,


Pesalema ya Asafo. Modimo ya matla wohle, Morena, o buile, o bitsa lefatshe lohle ho tloha botjhabela ho isa bophirimela.


Pesalema ya Asafo. Ruri Modimo o molemo ho Iseraele, e, le ho ba pelo di hlwekileng.


Lebitso la mora wa hae wa matsibolo e ne e le Joele, lebitso la mora wa hae wa bobedi e le Abiya. E ne e le baahlodi ba Beeresheba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ