1 Dikronike 15:16 - BIBELE16 Davida a buisana le bao e leng dihlooho tsa Balevi, hore ba kgethe bana babo bona ba tla bina ka diletsa, e leng dikatara, le diharepa, le matlheretlhere, ba bine haholo, ba thabile. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)16 Davida a bolella balaodi ba Balevi hore ba hlopholle banababo bona, e leng dibini, hore ba eme ka diletsa, e leng diviole, le diharepa, le disimbala, tseo ba tla di letsa ka matla, ba etse modumo wa thabo ka tsona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Balevi bohle, bao e neng e le dibini, e leng bo-Asafo, le Hemane, le Jedutune, le bara ba bona, le bana babo bona, ba ne ba eme ka botjhabela ho aletare, ba apere diaparo tsa lene tse tshweu, ba letsa matlheretlhere, le dikatara, le diharepa. Ba ne ba tlatsitswe ke baprista ba lekgolo le mashome a mabedi, ba neng ba letsa diterompeta.
Baletsi ba diterompeta, le dibini, ba amohela pina jwalokaha eka ho bina motho a le mong, ba rorisa Morena. Ba ne ba tlatsitswe ke diterompeta, le matlheretlhere le diletsa tse ding, ba rorisa Morena, ba re: “Bokang Morena hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Yaba leru le tlala ka Tempeleng ya Morena.
Baprista ba eba ditulong tsa bona, le Balevi ba neng ba letsa diletsa tsa Morena tsa mmino, tseo kgosi Davida a neng a di etseditse ho rorisa Morena. Balevi, ba shebane le baprista, ba letsa diterompeta, ba boka Morena, ba re: “Mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Baiseraele bohle bona ba ne ba eme ka maoto.
ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.