Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 15:15 - BIBELE

15 Balevi ba jara areka ya Modimo ka mefeng, jwalokaha Moshe a ne a ba laele, ho ya ka polelo ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Bara ba Balevi ba jara areka ya Modimo mahetleng a bona ka dithupa tse ho yona, jwalokaha Moshe a ne a laetse, ka polelo ya Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 15:15
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Kgosi Davida a tsebiswa, ha thwe: “Morena o hlohonolofaditse lelapa la Obede-Edomo, le tsohle tseo e leng tsa hae, ka baka la areka ya Modimo.” Davida a tsamaya, a ya lata areka ya Modimo tlung ya Obede-Edomo, a e isa Motseng wa Davida ka thabo.


Yare ha ba jereng areka ya Morena, ba tsamaile mehato e tsheletseng feela, Davida a nyehella Morena ka sehlabelo sa pholo le namane e nontshitsweng.


Mefeng e ne e hlahisitse dintlha tsa yona, hoo dintlha tseo di neng di bonahala ha motho a le ka Sehalalelong, a tobane le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, empa di ne di sa bonahale ha motho a le sebakeng se seng, mme di sa ntsane di le moo le kajeno-ya-bokajeno.


Bohale ba Modimo ba tlokomela Usa, mme Morena a mmolaya, hobane o ne a ile a ama areka. A shwela hona moo, kapele ho Modimo.


Mefeng e ne e hlahisitse dintlha tsa yona, hoo dintlha tseo di neng di bonahala ha motho a le ka Sehalalelong, a tobane le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, empa di ne di sa bonahale ha motho a le kantle ho Sehalalelo, mme di sa ntsane di le moo le kajeno-ya-bokajeno.


A nka matlapa a ngotsweng Molao, a a kenya ka arekeng, a kgwesa mefeng mahlakoreng a areka, mme a bea sekwahelo sa tefelo ya sebe hodima areka.


“Ha Arone le bara ba hae ba qetile ho kwahela Sehalalelo, le dijana tsohle tsa sona, mme ho tlohuwa moo ho neng ho hlomilwe teng, bara ba Kohate ba tla tla, ba nke Sehalalelo, empa ba se ke ba ama dintho tse halalelang, esere ba eshwa. Ena ke mesebetsi ya bara ba Kohate ka Tenteng ya Morena.


Empa bara ba Kohate ha a a ka a ba nea letho, hobane mosebetsi wa bona e ne e le wa ho jara dintho tse halalelang tsa Sehalalelo.


Ka yona nako eo Morena a khetha ba morabe wa Levi, hore ba jare areka ya selekane sa Morena, ba eme kapele ho Morena, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse ka lebitso la hae ho fihlela kajeno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ