Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 15:12 - BIBELE

12 Yaba o re ho bona: “Ke lona dihlooho tsa malapa a Balevi; ka hona itlhwekiseng, lona le bana babo lona, le tle le tsebe ho tlisa areka ya Morena Modimo wa Iseraele, sebakeng seo ke e lokiseditseng sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 a re ho bona: Le dihlooho tsa matlo a bontata Balevi; itlhwekiseng, e le lona le banababo lona, mme le late areka ya Jehova, Modimo wa Iseraele, le e tlise moo ke e lokiseditseng teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 15:12
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a ikgahela matlo Motseng wa Davida, a lokisetsa areka ya Modimo sebaka sa yona, a e hlomela tente.


Yaba baprista le Balevi ba a itlhwekisa, hore ba tle ba tsebe ho lata areka ya Morena Modimo wa Iseraele.


Davida a kgobokanyetsa Baiseraele bohle Jerusalema, hore ba ise areka ya Morena sebakeng seo a e lokiseditseng sona.


Baiseraele ba tla le areka ya Modimo, ba e bea bohareng ba tente eo Davida a e hlometseng yona. Ba etsetsa Modimo dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho.


Jwalokaha bana babo bona, e leng ditloholo tsa Arone, ba ile ba etsa lotho, le bona ba le etsa moo Davida, le Sadoke, le Ahimeleke, le dihlooho tsa malapa a baprista le a Balevi, ba leng teng. Malapa a matsibolo le a dikgorula a ne a etswa ka ho tshwana.


Bana e ne e le dihlooho tsa malapa a Balevi, e le dihlooho tsa meloko yohle ya bona, mme ba ahile Jerusalema.


Jwale Solomone a bua le Baiseraele bohle, le balaodi ba bahlabani ba sekete, le ba bahlabani ba lekgolo, le baahlodi, le mahosana wohle a Baiseraele, e leng dihlooho tsa malapa abo bona.


Feela Davida o ne a ile a nyolla areka ya Modimo Kiriate-Jearime, a e isa sebakeng seo a neng a e lokiseditse sona. O ne a e hlometse tente Jerusalema.


Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi, ba hlaba konyana ya Paseka. Baprista le Balevi ba hlajwa ke dihlong, mme ba itlhwekisa, ba tlisa dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena.


Le hlabe konyana ya Paseka, le ikgalaletse, le lokisetse le bana babo lona, ho ya ka taelo ya Morena eo a neng a e etse ho Moshe.”


Baprista ba tswa ka Sehalalelong. Bohle ba neng ba etswa kamoo ba ne ba itlhwekisitse ho sa natswe dihlopha tsa bona.


Jwale Solomone a kgobokanya baholo bohle ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa merabe, le mahosana a malapa a bana ba Iseraele. Bohle ba tla Jerusalema ho kgosi Solomone, hore ba tlo nyolla areka ya selekane sa Morena, e tswe Motseng wa Davida, e leng Sione.


Ka laela Balevi hore ba itlhwekise, ba tlo lebela menyako, hore letsatsi la Sabatha le nne le halalele. Yaba ke re: “Modimo wa ka, ako nkgopole ka baka la hona, mme o mpaballe ka baka la boholo ba mohau wa hao.”


Tsamayang! Tsamayang le tlohe mona! Le se ame letho le silafetseng! Tswang Babilona le itlhwekise, lona ba nkang dijana tsa Morena.


Sebaka sena e tla ba sa baprista ba tlotsitsweng, bao e leng ditloholo tsa Sadoke, ba ileng ba boloka taelo ya ka, ba sa kang ba kgeloha ha bana ba Iseraele ba kgeloha, jwalokaha Balevi ba ile ba kgeloha.


Ba halaletse nneteng; lentswe la hao ke nnete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ