Balaodi ba bararo, ba baokamedi ba ba mashome a mararo, ba theohela ho Davida ka nako ya kotulo, a le lehaheng la Adulame. Lebotho la Bafilesita le ne le hlomme ka kgohlong ya Refaime.
Ba bararo ba baokamedi ba mashome a mararo ba theohela ho Davida lefikeng, ka lehaheng la Adulame. Lebotho la Bafilesita le ne le hlomme ka kgohlong ya Refaime.
Yaba Davida o botsa Morena, o re: “Na nka futuhela Bafilesita? Na o tla neelana ka bona matsohong a ka?” Morena a re ho yena: “Futuha, hobane ke tla neelana ka bona matsohong a hao.”
Ha Bafilesita ba utlwa hore Davida o tlotsitswe hore e be kgosi ya naha ya Iseraele, ba futuha ho ya mo tsoma. Davida a utlwela, mme a ya ba kgahlanyetsa.
Ho tla tshwana le ha mohedi a hela koro, a kotula koro ka diatla tsa hae; ho tshwane le ha motho a kgwahlapisa qwapi tsa koro, a di kgwahlapisa ka kgohlong ya Refaime.