Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 14:2 - BIBELE

2 Davida a elellwa hore Morena o mo tsitsisitse bokgosing ba Iseraele, hobane puso ya hae e ile ya atlehiswa haholo, ka baka la setjhaba sa hae sa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Davida a tseba kahoo hoba Jehova o mo tiisitse ho ba morena wa Iseraele, le hobane o phahamisitse mmuso wa hae ka baka la setjhaba sa hae sa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 14:2
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ntlo ya hao, le mmuso wa hao, ke tla di tiisa kamehla yohle. Terone ya hao e tla tsitsa kamehla yohle.’ ”


“Ka baka lena, o tle o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke ne ke o late motebong, moo o neng o disa dinku teng hore o tlo ba mmusi wa setjhaba sa ka sa Baiseraele.


Ho bokwe Morena Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena, mme a o bea hore o be kgosi ya Iseraele! Kahobane Morena o rata Baiseraele kamehla yohle, o o entse kgosi ya bona, hore o ahlole hantle, ka toka.”


Jwale kgosi Hirame wa Tire a romela maqosa ho Davida; a ba a mo romella le mapolanka a kedare, le dibetli tsa majwe le tsa mapolanka, ho ya mo hahela ntlo.


Davida a boela a nyala basadi ba bang hape ha a le Jerusalema, mme a tswala bara le baradi ba bang ba bangata.


Oho, Morena, ho a bonahala hore ho wena tsena e ne e sa le dinyane, hobane o boetse o buile ka seo o se reretseng lelapa la mohlanka wa hao, nako e sa le hole. Oho, Morena Modimo, o se o ntadima jwalokaha eka ke motho wa boemo bo phahameng!


Ke tla o romela koro e etsang boima ba dithane tse dikete tse pedi, le harese e etsang boima ba dithane tse dikete tse pedi, le veine e etsang dilethara tse dikete tse makgolo a mane, le ole ya mohlwaare e etsang dilethara tse dikete tse makgolo a mane, hore e be dijo tsa bahlanka ba hao ba tla rema difate.”


Yaba Hirame, kgosi ya Tire, o araba Solomone ka lengolo, o re: “Kahobane Morena a ratile setjhaba sa hae, o o entse hore o be kgosi ya sona.”


Haeba ka nako ena o ka kgutsa tu! ho namolelwa ha Bajuda le ho pholoswa ha bona, ho tla hlaha sebakeng se seng, empa haele wena le lelapa la ntatao le tla timetswa. Ke mang ya ka tsebang haeba o beilwe ditulong tseo, o beelwa nako e kang ee?”


Ha e le nna ke senoletswe sephiri sena, e seng hobane ke le bohlale ho feta batho ba bang ba phelang, empa e le hore wena kgosi, o tle o tsebe tlhaloso ya toro ena, o utlwisise le tseo o nnileng wa di nahana.


Metsi a phalla dinkgong tsa hao, peo ya hae e tla ba metsing a mangata, kgosi ya hae e tla ba kgolo ho feta Akake, mmuso wa hae o tla phahamiswa.


“Haeba o mamela lentswe la Morena Modimo wa hao ka hloko, o hlokomela ho phetha melao yohle ya hae, eo ke o laelang yona kajeno, Morena Modimo wa hao o tla o phahamisa ho feta ditjhaba tsohle tsa lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ