Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 14:17 - BIBELE

17 Botumo ba Davida ba phatlalla le dinaha tsohle, mme Morena a etsa hore ditjhaba tsohle di mo tshabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Botumo ba Davida ba hasana naheng tsohle, mme Jehova a mo etsa ya tshajwang ke ditjhaba tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 14:17
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, Davida a etsa kamoo Modimo a mo laetseng kateng, mme Baiseraele ba phaladisa lebotho la Bafilesita ho tloha Gibeone, ho ya fihla Gesere.


Ke bile le wena hohle moo o nnileng wa tsamaya teng, ka timetsa dira tsa hao tsohle. Ke tumisitse lebitso la hao jwaloka mabitso a banna ba tumileng ba teng mona lefatsheng.


Baamone ba thella Usiya. Lebitso la hae la tuma ho ya fihla meeding ya Egepeta, kahobane o ne a ile a imatlafatsa haholo.


O nnamolela meferefereng ya setjhaba, o nketsa mmusi wa ditjhaba; ditjhaba di a ntshebeletsa, ditjhaba tseo ke neng ke sa di tsebe.


Ha ho motho ya tla tseba ho ema kapele ho lona. Hohle moo le tla tsamaya teng, Morena Modimo wa lona, o tla etsa hore ba le tshabe, ba phakgasele jwalokaha a le tshepisitse.


Ho tloha kajeno ke tla etsa hore ditjhaba tsohle tse katlasa lehodimo di be le letswalo, di le tshabe. Bohle ba tla thothomela, ba phakgasele kapele ho lona, ha ba utlwa lebitso la lona.”


Morena a ba le Joshua, mme botumo ba hae ba aparela naha yohle.


Ba araba Joshua, ba re: “Bahlanka ba hao ba ile ba bolellwa kamoo Morena Modimo wa lona, a ileng a laela Moshe, mohlanka wa hae, hore a le nee naha ena yohle, mme le bolaye baahi ba yona ba kapele ho lona. Ka baka leo, re ile ra tshaba hore le tla re bolaya, mme ke ka hona re entseng hona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ