Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 14:12 - BIBELE

12 Bafilesita ba siya medimo ya bona hona moo, mme Davida a laela hore e tjheswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Teng, Bafilesta ba lahla ditshwantsho tsa bona; Davida a laela, tsa ba tsa tjheswa mollong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 14:12
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Bafilesita ba baleha ba siya medimo ya bona hona moo, Davida le banna ba hae ba e nka.


Ba ntsha sefika sa thupa se ka tempeleng ya Baale, ba se tjhesa.


di tjhesitse medimo ya ditjhaba tseo, hobane e ne e se medimo; e ne e le medimo eo batho ba iketseditseng yona ka lehong le ka majwe, mme ke kahoo e timeditsweng.


Yaba Davida o ba futuhela ha ba le Baale-Perasime, mme a ba hlolela hona moo. Jwale Davida a re: “Modimo o phunyeleditse theko ya dira tsa ka ka letsoho la ka, jwaloka metsi ha a phatlola lerako.” Ka baka leo, ba rea sebaka seo lebitso la Baale-Perasime.


“ ‘Ka bona bosiu boo ke tla tsamaya naheng yohle ya Egepeta, ke bolaye matsibolo wohle a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo, mme ke tla ahlola medimo yohle ya Egepeta. Ke nna Morena.


A nka namane eo ba neng ba e entse, a e tjhesa mollong, a e sila ho fihlela e eba phofo, a e tshela metsing, yaba o nwesa bana ba Iseraele metsi ao.


“Ditswantsho tse betlilweng tsa medimo ya ditjhaba tseo le di tjhese ka mollo. Silefera kapa kgauta e hodima ditshwantsho tseo le se ke la e tswela pelo, la inkela yona, esere la tshwaswa ke leraba, hobane tseo ke manyala ho Morena Modimo wa lona.


Empa le tle le ba etse tjena: Le heletse dialetare tsa bona, le thue difika tsa bona tseo ba di kgumamelang, le senye ditshwantsho tsa bona tsa Ashera, le tjhese le ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ