Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 14:1 - BIBELE

1 Jwale kgosi Hirame wa Tire a romela maqosa ho Davida; a ba a mo romella le mapolanka a kedare, le dibetli tsa majwe le tsa mapolanka, ho ya mo hahela ntlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Hirame, morena wa Tire, a romela manqosa ho Davida, le difate tsa dikedare, le dibetli tsa majwe, le dibetli tsa difate, ho mo hahela ntlo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 14:1
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ya re ho moporofeta Nathane: “Ako bone, nna ke dula tlung e hahilweng ka dithupa tsa dikedare, empa areka ya Morena yona e dula kahara masira.”


Hoba Hirame, kgosi ya Tire, a utlwe hore Solomone o tlotseditswe ho ba kgosi sebakeng sa ntatae, a roma bahlanka ba hae ho Solomone, hobane yena le Davida e ne e le metswalle ka nako yohle ya ho phela ha Davida.


Solomone o ne a ena le makgoba a dikete tse mashome a supileng a neng a thotha thepa, le a dikete tse mashome a robedi a neng a betlela majwe kwaring.


Dihahi tsa Solomone, le tsa Hirame, mmoho le Bagebale, tsa thua majwe, tsa betla mapolanka le majwe a ho haha Tempele.


“Ka hona ako laele hore ke romelwe difate tsa dikedare tsa Lebanone. Bahlanka ba ka ba tla sebetsa le ba hao. Ke tla lefa bahlanka ba hao kamoo wena o tla bolela kateng. O a tseba hore hara batho ba ka ha ho le ya mong ya ka remang difate hantle jwaloka batho ba Sidone.”


Davida a elellwa hore Morena o mo tsitsisitse bokgosing ba Iseraele, hobane puso ya hae e ile ya atlehiswa haholo, ka baka la setjhaba sa hae sa Iseraele.


Ha Davida a se a dula tlung ya hae, ka letsatsi le leng a re ho moporofeta Nathane: “Ako bone, nna ke dula tlung e hahilweng ka dithupa tsa dikedare, empa areka ya selekane sa Morena yona e dula hara masira!”


Davida a laela hore ho phuthwe baditjhaba ba neng ba le kahara naha ya Iseraele, mme a kgetha dibetli tsa majwe a tla haha Tempele ya Modimo.


A kgetha banna ba dikete tse mashome a supileng ho thotha thepa ya ho haha, le ba dikete tse mashome a robedi ho betla majwe thabeng. A kgetha baokamedi ba bona ba dikete tse tharo le makgolo a tsheletseng.


Solomone a romela molaetsa ho Hirame, kgosi ya Tire, a re: “Jwalokaha o ile wa sebetsa le Davida, ntate, wa mo romela difate tsa dikedare ho ikgahela ntlo, le nna ako sebetse le nna jwalo.


Yaba ba lefa ba betlang majwe, le ba betlang mapolanka. Ba nea Basidone le Batire dijo, le dino, le ole, hore bao ba ba tlisetse difate tsa kedare, tse tswang Lebanone, ba ba isetse tsona lewatleng la Jopo, ho ya kamoo Siruse, kgosi ya Peresiya, a neng a laetse kateng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ