Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 13:5 - BIBELE

5 Yaba Davida o kgobokanya Baiseraele bohle, ho tloha nokeng ya Shihore e Egepeta, ho ya fihla kgorong ya Hamate, hore ba yo lata areka ya Modimo, Kiriate-Jearime.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba Davida o phutha Baiseraele kaofela, ho tloha Shihore wa Egepeta ho tla fihla pela Hamathe, hore areka ya Modimo e tle e latwe Kiryathe-Jearime.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 13:5
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a boela a kgobokanya mokgetho wohle wa banna ba Iseraele, ba dikete tse mashome a mararo;


Solomone a busa mebuso yohle, ho tloha nokeng ya Euferatese, ho ya fihla naheng ya Bafilesita, le meeding ya Egepeta. Mebuso ena yohle ya mo tlisetsa dimpho, ya mo sebeletsa ka nako yohle ya ho phela ha hae.


Ka yona nako eo, Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle, ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Kgorong ya Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekelwa Morena ka matsatsi a supileng, le ka matsatsi a supileng hape, ya eba matsatsi a leshome le metso e mene kaofela.


Kgosi ya Babilona ya ba kgakgatha, ya ba bolaela hona moo Ribela, naheng ya Hamate. Yaba ka mokgwa o jwalo Bajuda ba ntshwa naheng ya bona.


Setjhaba sohle sa re se tla etsa jwalo, hobane se ne se bona hore hoo ho lokile.


Jwale Davida le Baiseraele bohle ba nyolohela Baala, e leng hona Kiriate-Jearime e Juda, ho ya lata areka ya Morena Modimo, ya dutseng hodima dikerubime, e leng areka eo a tla kgumamellwa ho yona.


Davida a kgobokanyetsa Baiseraele bohle Jerusalema, hore ba ise areka ya Morena sebakeng seo a e lokiseditseng sona.


Koro ya Shihore e tshedisitswe mawatle a maholo, tjhai ya phula ya Nile ya tlisetsa Tire mouno, Tire ya ruiswa ke ho hweba le tjhaba tse ding.


O ratelang ho ya Egepeta ho ya nwa metsi a Shihore? O ratelang ho ya Asiria ho ya nwa metsi a Noka?


Bana ba Iseraele ba tswela pele leetong, mme ka letsatsi la boraro ba fihla metseng ya setjhaba sena. Metse ya sona e ne e le Gibeone, le Kefira, le Beerote, le Kiriate-Jearime.


Ba romela maqosa ho baahi ba Kiriate-Jerime, ba re: “Bafilesita ba kgutlisitse areka ya Morena. Tloong, le tlo e lata.”


Jwale banna ba Kiriate-Jearime ba ya, ba nyolla areka ya Morena, ba e isa tlung ya Abinadabe e hodima leralla; ba halaletsa Eleasare, mora wa hae, hore a boloke areka eo ya Morena.


Ho tloha mohla areka e kgutlelang Kiriate-Jearime ya dula teng nako e telele, ka dilemo tse mashome a mabedi. Bohle ba ntlo ya Iseraele ba labalabela ho sebeletsa Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ