Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 13:3 - BIBELE

3 Jwale re boele re late areka ya Modimo wa rona, re e tlise kwano, hobane mehleng ya Saule ha re a ka ra e natsa.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ha re boeleng re itatele areka ya Modimo wa rona; hobane ha re a ka ra e hlokomela mehleng ya Saule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 13:3
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o re ho setjhaba sohle sa Iseraele: “Haeba le rata, eba le Morena Modimo wa rona o a rata, a re romeleng molaetsa hohle naheng ya Iseraele, moo bana babo rona ba ahileng teng; re o romele le ho baprista, le ho Balevi ba metseng le metsaneng, hore ba phuthehele kwano.


Setjhaba sohle sa re se tla etsa jwalo, hobane se ne se bona hore hoo ho lokile.


Kahobane ha e a ka ya tliswa ke lona ka lekgetlo la pele, Morena Modimo wa Iseraele, o ile a re halefela, hobane re ne re sa ka ra mo hlompha ka mokgwa o tshwanetseng.”


Areka re e utlwetse Eferata, ra e fumana masimong a Jaare.


Saule a re ho Ahiya: “Tlisa areka ya Modimo mona.” Ka letsatsi leo areka ya Modimo e ne e le teng hara bana ba Iseraele.


Yaba Saule o re: “A re theoheleng ho Bafilesita, re ba phaladise ho fihlela bosiu bo esa. Re hape dintho tsa bona, mme re se ke ra siya monna le ya mong wa bona.” Setjhaba sa re: “Etsa seo wena o bonang se lokile.” Jwale moprista a re: “A re atameleng mona, pela Modimo.”


Ahimeleke a botsa Morena hore na Davida a etse jwang. A mo fa dijo, a ba a mo nea le sabole ya Goliate wa Mofilesita.”


Na kajeno ke lekgetlo la pele ke mmotsetsang ho Modimo? Tjhe! O se ke wa bona mohlanka wa hao le bohle ba lelapa la ntatae ba le molato. Mohlanka wa hao ha a tsebe le letho ka taba ena!”


Yaba Davida o botsa Morena, o re: “Na nka futuhela Bafilesita baa?” Morena a re ho Davida: “Eya, o futuhele Bafilesita, mme o namolele motse wa Keila.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ