Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 12:23 - BIBELE

23 Ena ke palo ya bahlabani ba mabothwana a hlometseng, a ileng a tla ho Davida ha a le Heborone, ho ya mmea hore e be kgosi sebakeng sa Saule, ho ya ka polelo ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Haele banna ba hlomeletseng ntwa, ba neng ba tle ho Davida, Hebrone, ho fetisetsa borena ba Saule ho yena, ka taelo ya Jehova, palo ya bona ka dihlooho tsa bona ke ena:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 12:23
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a eteletsa maqosa pele ho ya ho moholwane wa hae Esau, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo.


Etsang jwalo he, hobane Morena o buile ho Davida, a re: ‘Ka letsoho la mohlanka wa ka Davida ke tla namolela setjhaba sa ka sa Baiseraele matsohong a Bafilesita le matsohong a dira tsohle tsa sona.’ ”


O ne a sa ka a botsa Morena, mme ka baka leo, Morena o ile a mmolaya, mmuso wa hae a o nea Davida, mora wa Jese.


Bana ke bona baokamedi ba bahale ba Davida, ba neng ba mo tsheheditse mmusong wa hae, mmoho le Baiseraele bohle, hore e be kgosi, ho ya ka polelo ya Morena, eo a neng a e bue mabapa le Iseraele.


Ba morabe wa Juda ba neng ba tshwara thebe le lerumo, e ne e le banna ba dikete tse tsheletseng le makgolo a robedi.


“Thabeng ya ka e halalelang, thabeng ya Sione, nna ke beile kgosi ya ka.”


Morena a re ho Samuele: “O tla llela Saule ho le hokae, ha e le moo ke mo furaletse, hore e se be kgosi ya Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, mme o tsamaye. Ke tla o romela ho Jese wa Betlelehema, hobane ke ikgethetse kgosi hara bara ba hae.”


Ebe o bitsetsa Jese sehlabelong sena, mme ke tla o tsebisa seo o tla se etsa. O tla ntlotsetsa eo ke tla o bolella yena.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ