Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 12:22 - BIBELE

22 Ka tsatsi le leng le le leng banna ba nna ba tla ho Davida, ho tla mo thusa, ho fihlela lebotho la hae le eba leholo jwalokaha eka ke lebotho la Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ka matsatsi wohle, ha nna ha fihla batho ho Davida ho mo tlatsa, ho fihlela ba ba ba etsa sera se seholo, se kang sera sa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 12:22
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mme yare ha Jakobo a a bona, a re: “Lena ke lebotho la Modimo!” Yaba o rea sebaka seo lebitso la Mahanaime.


Ntwa ya eba telele pakeng tsa ntlo ya Davida le ntlo ya Saule. Davida a nna a tswela pele ho matlafala, empa ntlo ya Saule yona ya nna ya fokola hoyahoile.


ya lokileng o tla tiisetsa tseleng ya hae, ya matsoho a hlwekileng a nne a matlafale.”


Mo roriseng, lona mangeloi a hae kaofela, mo roriseng, lona mabotho a hae wohle.


Yare ha Joshua a le Jeriko a phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona monna ya emeng kapele ho yena, a tshwere sabole. Joshua a ya ho yena, mme a re ho yena: “O wa habo rona, kapa o wa direng?”


Monna eo a re: “Tjhe! Nna ke molaodi wa lebotho la Morena. Jwale ke se ke le teng.” Joshua a itihela fatshe ka sefahleho, a obamela fatshe, a re ho yena: “Morena wa ka o reng ho mohlanka wa hae?”


Ka baka lena, o tle o tsohe e sa le ka madungwadungwana le bahlanka ba monga hao ba tlileng le wena, mme hanghang ha ho qala ho ela, o tsamaye.”


Ka letsatsi la boraro, ha Davida le banna ba hae ba fihla Sikelage, ba fumana Baamaleke ba futuhetse naha e ka borwa, le motse wa Sikelage. Ba ne ba ripitlile motse oo wa Sikelage, ba o tjhesitse ka mollo,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ