Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 12:2 - BIBELE

2 Ba ne ba hlometse ka diqha, mme ha ba betsa majwe ka matjeketjane, kapa ba fula ka metsu, ba ne ba tseba ho sebedisa matsoho a matona kapa a matshehadi ka ho tshwana. E ne e le ba morabe wa Benjamine, e le bang ka Saule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 e ne e le ba fulang ka diqha; ba ne ba betsa majwe ka letsoho le letona le ka letsoho le letshehadi, mme ba ne ba fula metsu ka diqha; e ne e le ba habo Saule, Babenjamine.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 12:2
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba morabe wa Benjamine, bao e neng e le bang ka Saule, ba ne ba le dikete tse tharo. Ho fihlela ka nako eo, bongata ba bona bo ne bo ntse bo le ka lehlakoreng la Saule.


Mookamedi wa bona e ne e le Ahiesere, a hlahlangwa ke Jowashe. Bobedi ba bona e ne e le bara ba Shemaa wa Gibea. Baokamedi ba bang e ne e le Jesiele, le Pelete, bara ba Asemafete, le Beraka, le Jehu wa Anatote,


Bara ba Ulame e ne e le bahale ba tsebang ho fula ka metsu. Ba ne ba ena le bara ba bangata, le ditloholo tse ngata. Palo ya bone e ne e le lekgolo le mashome a mahlano. Bana bohle ke ditloholo tsa Benjamine.


Bana ba Efraime, leha e ne e le ditsebi ho fula ka diqha, ba na ba baleha mohla letsatsi la ntwa.


Banna bana bohle, ba kgethilweng, ba makgolo a supileng, e ne e le ba maqele. E mong le e mong wa bona o ne a ka betsa qoba ya moriri ka letjeketjane, mme a se ke a e fosa.


Empa ha bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, Morena a ba hlahisetsa mopholosi. Ke Ehude, mora wa Gera wa Mobenjamine, monna ya leqele. Bana ba Iseraele ba mo roma ho isetsa Egelone, kgosi ya Moabe, nyehelo.


Davida a kenya letsoho la hae ka kotleng ya hae, a ntsha lejwe, a le betsa ka letjeketjane, la bata Mofilesita phatleng. Lejwe leo la fohlotsa phatla ya Mofilesita, mme Mofilesita a re ka sefahleho fatshe polopoqo!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ