Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 11:4 - BIBELE

4 Yaba Davida le Baiseraele bohle ba ya Jerusalema, e neng e bitswa Jebuse, e leng moo Bajebuse, baahi ba naha eo, ba neng ba ahile teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yaba Davida le Baiseraele bohle ba futuhela Jerusalema, e leng Jebuse, moo ho neng ho le Bajebuse ba neng ba ahile naheng eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 11:4
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le ya Baamore, le ya Bakanana, le ya Bagirigashe, le ya Bajebuse.”


Baahi ba Jebuse ba re ho Davida: “O ke ke wa kena mona!” Leha ho le jwalo, Davida a hapa qhobosheane ya Sione, e leng yona Motse wa Davida.


Ke re ke tla le ntsha matshwenyehong a Egepeta, ke le ise naheng ya Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse; naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi.’


Ha e le Bajebuse bona, e leng baahi ba Jerusalema, bana ba Juda ba ile ba sitwa ho ba leleka. Ke ka baka leo le kajeno-ya-bokajeno, Bajebuse ba ntseng ba ahile Jerusalema, mmoho le bana ba Juda.


Moedi o nyolose ka kgohlo ya mora wa Hinome, ka lehlakoreng le ka borwa ho Bajebuse — ke yona Jerusalema — o nyolohele tlhorong ya thaba e kapele ho kgohlo ya Hinome, ka bophirimela, e leng ka leboya qetheng ya kgohlwana ya Refaime.


le Sela, le Elefe, le Jebuse, e leng Jerusalema, le Gibeata, le Kiriate. Kaofela ha yona ke metse e leshome le metso e mene le metsana ya yona. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Benjamine, ho ya ka malapa abo bona.


Bana ba Benjamine ba se ke ba leleka Bajebuse bao e neng e le baahi ba Jerusalema, empa Bajebuse ba aha hara bana ba Benjamine ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ