Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 11:23 - BIBELE

23 A bolaya monna wa Moegepeta, wa seqhobane, eo bolelele ba hae bo neng bo feta dimethara tse pedi. Moegepeta eo o ne a tshwere lerumo le lekaalo ka mofeng wa motjhine o ohlang, empa Benaya a ya ho yena a tshwere molamu; a hlotha lerumo letsohong la Moegepeta, a mmolaya ka lerumo leo la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 A bolaya le monna wa Moegepeta; monna eo boemo ba hae e ne e le ditswe tse hlano. Moegepeta letsohong o ne a tshwere lerumo le neng le le ka ka sefate sa selohi; a theohela ho yena ka molamu, a amoha Moegepeta lerumo, mme a mmolaya ka lona lerumo leo la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 11:23
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsena ke tsona diketso tsa Benaya, mora wa Jehoyada, tse ileng tsa mo tumisa hara ba mashome a mararo.


Ntwa ya boela ya qhoma pakeng tsa Baiseraele le Bafilesita. Elehanana, mora wa Jaire, a bolaya Lahemi, ngwanabo Goliate wa Mogate, eo theko ya lerumo la hae e neng e le kaalo ka mofeng wa motjhine o ohlang.


Ke Oge feela, kgosi ya Bashane, eo e leng lesalla la Barefaime. Lekese la hae la bafu e ne e le la tshepe, bolelele ba lona e le dimethara tse nne, bophara e le dimethara tse pedi, ho latela ho lekanya ho tlwaelehileng ha mehla eo. Lekese leo le sa le teng le kajeno motseng wa Baamone, wa Raba.


Diahelong tsa Bafilesita ha tswa seqhobanehadi. Lebitso la sona e ne e le Goliate, a etswa Gate. Bolelele ba sona e ne e batla e le dimethara tse tharo.


Yaba Davida o mathela ho Mofilesita, o fihla a mo okamela, a tsomula sabole ya Goliate selateng sa yona, a mmolaya ka ho mo kgaola hlooho ka sabole eo. Ha Bafilesita ba bona hore senatla sa bona se shwele, ba phasaphasa.


Theko ya lerumo la sona e ne e le kalo ka mofeng wa motjhine o ohlang, hlooho ya lerumo leo e le boima ba dikilo tse supileng. Mojari wa thebe ya sona o ne a se eteletse pele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ