Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 11:22 - BIBELE

22 Benaya, mora wa Jehoyada, ya neng a etswa Kabeseele, e ne e le monna ya tumileng ka diketso tsa bokwankwetla. A bolaya bahale ba babedi ba Moabe, ba bohale jwaloka tau. A ba a bolaya le tau e neng e le ka lemeneng, mohla lehlwa le neng le kgethehile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 E mong ke Benaia, mora Jehojada, mora monna wa senatla wa Kabsteele, ya neng a entse diketso tse kgolo. A bolaya tau tse pedi tsa Moabe; hape, ke yena ya neng a theohe, a ya bolaya tau ka lemeneng, e le mohla lehlwa le kgethehang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 11:22
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Saule le Jonathane, dikgabane le baratehi, ha ba a arohana ha ba phela leha ba shwele; belo la bona le ne le feta la ntsu, matla a bona a feta a lekakuba.


Joabe ya eba molaodi wa mabotho wohle a Iseraele. Benaya, mora wa Jehoyada, yena ya eba molaodi wa lebotho la Bakerete le Bapelete.


Benaya, mora wa Jehoyada, o ne a laola Bakerete le Bapelete; bara ba Davida bona e le batlatsi.


Bo-moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, le Benaya, mora wa Jehoyada, le Bakerete, le Bapelete, ba theoha, ba qhanehela Solomone mmeile wa kgosi Davida, ba mo isa Gihone.


Empa bo-moprista Sadoke, le Benaya, mora wa Jehoyada, le moporofeta Nathane, le Shimei, le Rei, le mokgetho wa bahale ba Davida, bona ba se ke ba ananela morero ona wa Adoniya.


Benaya a kena ka Tenteng ya Morena, a fihla a re ho Joabe: “Kgosi e re: ‘Tswa!’ ” Joabe a re: “Tjhe! Ke tla shwela hona mona!” Benaya a kgutlisetsa karabo ho kgosi, a re: “Joabe o buile tjena, mme o nkarabile tjena.”


A tuma ho feta bahlabani ba mashome a mararo, ya eba molaodi wa bona. Empa a se ke a tuma jwaloka balaodi ba bararo ba pele.


Sadoke, mohale wa mohlankana, o ne a ena le balaodi ba mashome a mabedi a metso e mmedi, ba tswang lapeng labo.


Ba bang ba morabe wa Gade ba fetohela ka ho Davida ha a le qhobosheaneng e lehwatateng. E ne e le banna ba dinatla, ba matsholathebe, ba tsebang ho lwana ka thebe le lerumo. Difahleho tsa bona di ne di ka tsa ditau, ba le lebelo jwaloka dikgama tsa thaba.


Karolong ya naha ya morabe wa bana ba Juda, metse e holehole ho ya moeding wa Edomo, ka borwa, e ne e le Kabeseele, le Edere, le Jagure,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ