Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 11:17 - BIBELE

17 Davida a utlwa a nyorilwe, mme a re: “Eka motho a ka mpha metsi a tswang sedibeng sa Betlelehema, se pela kgoro ya motse!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ke ha Davida a qala ho lakatsa, a re: Ke mang ya tla nnosa metsi a sediba sa Bethlehema se pela kgoro?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 11:17
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida o ne a le ka qhobosheaneng, ha lebotho la Bafilesita lona le ne le le Betlelehema.


Jwale bahale ba bararo ba phunyeletsa mabotho a Bafilesita, ba ya kga metsi sedibeng sa Betlelehema se pela kgoro ya motse. Ba ekga metsi ao, ba a isa ho Davida. Empa Davida a hana ho a nwa, a a qhalla fatshe e le nyehelo ho Morena,


Ke phahamisa matsoho a ka, ke a phahamisetsa ho wena, moya wa ka o o nyoretswe jwaloka lefatshe le omeletseng.


Gileade ke ya ka, le Manase ke ya ka, Efraime ke katiba ya ka ya tshepe, Juda yena ke lere la ka la puso.


Pesalema ya Davida, ya mohla a leng lehwatateng la Juda.


Le tla ikgella metsi le thabile, le a kge didibeng tsa pholoho.


Jesu a mo araba, a re: “Hoja o tsebile mpho ya Modimo, le hore na ke mang ya reng ho wena: ‘Ako mphe, ke nwe,’ wena, o ka be o mo kopile, mme a ka be a o file metsi a kollang.”


athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ