Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 11:16 - BIBELE

16 Davida o ne a le ka qhobosheaneng, ha lebotho la Bafilesita lona le ne le le Betlelehema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mohlang oo, Davida o ne a le seqhobong, mme sehlopha sa Bafilesta se ne se le teng Bethlehema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 11:16
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Bafilesita ba utlwa hore Davida o tlotsitswe hore e be kgosi ya Iseraele, ba futuha bohle, ba ya tsoma Davida. Ha Davida a utlwa hona, a theohela qhobosheaneng.


Davida a utlwa a nyorilwe, mme a re: “Eka motho a ka mpha metsi a tswang sedibeng sa Betlelehema, se pela kgoro ya motse!”


Pesalema ya Davida ha a le ka lehaheng. Thothokiso e nang le thuto; thapelo.


“Kamora moo o tla fihla Leralleng la Modimo, moo ho nang le lebotho la Bafilesita. Etlare ha o se o fihlile motseng o kopane le sehlopha sa baporofeta ba theohang aletareng e leralleng, ba eteletswe pele ke dikatara, le meropa, le makodilo, le diharepa, mme ba tla be ba ntse ba porofeta.


Bahlabani ba Bafilesita ba ne ba laletse lekgalong la Mikemase.


Baiseraele bohle ha ba utlwa ho thwe Saule o hlotse lebotho la Bafilesita, le hore Bafilesita ba hloile Baiseraele, setjhaba sa phuthehela ho Saule a le Gilegale.


Davida a tloha Gate, a balehela lehaheng la Adulame. Ha bana babo, le ba lelapa lohle la ntatae ba utlwela, ba theohela moo ho yena.


Davida a tlisa ntatae le mmae kapele ho kgosi ya Moabe, ba dula le kgosi eo ka nako yohle eo Davida a neng a ntse a le qhobosheaneng ka yona.


Moporofeta Gade a re ho Davida: “O se ke wa dula mona qhobosheaneng; tloha, o ye naheng ya Juda.” Yaba Davida o a tloha, o ya morung wa Herete.


Saule le banna ba hae ba tsamaya ho ya batla Davida. Davida a tsebiswa taba ena, mme a theohela lefikeng, a ya phela lehwatateng la Maone. Ha Saule a utlwa taba ena, a phaladisa Davida ho ya fihla lehwatateng la Maone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ