1 Dikronike 11:10 - BIBELE10 Bana ke bona baokamedi ba bahale ba Davida, ba neng ba mo tsheheditse mmusong wa hae, mmoho le Baiseraele bohle, hore e be kgosi, ho ya ka polelo ya Morena, eo a neng a e bue mabapa le Iseraele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)10 Ke tsena dihlooho tsa banna ba bahale ba Davida, ba nnileng ba mo emela boreneng ba hae, ba ena le Baiseraele bohle, ba tle ba mmee morena, ka polelo e neng e boletswe ke Jehova bakeng sa Iseraele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Lena ke lenane la bana ba Iseraele, ho ya ka palo ya bona, e leng dihlooho tsa malapa a bona, le balaodi ba bahlabani ba dikete, le ba bahlabani ba makgolo, le bahlanka ba sebeletsang kgosi ditabeng tsohle tse amanang le mabotho. Ba ne ba sebetsa ka dihlopha tse suthelanang ka kgwedi le kgwedi, selemo sohle. Lebotho ka leng le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
Davida a kgobokanya mahosana wohle a Iseraele, Jerusalema, le mahosana a merabe, le balaodi ba mabotho a sebeletsang kgosi ka dihlopha tsa wona ka ho suthelana, le balaodi ba bahlabani ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, le bahlokomedi ba maruo wohle le matlotlo wohle a kgosi, le bahlokomedi ba bara ba kgosi, le bahlanka bohle, le banna ba dinatla, le bahale.