Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 10:7 - BIBELE

7 Ha Baiseraele bohle ba neng ba le ka kgohlong ba bona hore bahlabani ba a baleha, le hore Saule le bara ba hae ba se ba bolailwe, ba siya metse ya bona, ba baleha. Yaba Bafilesita ba a tla, ba ikgahela ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Eitse banna bohle ba Iseraele ba ahileng kgohlong, ha ba bona hoba ho balehilwe, le hoba Saule le bara ba hae ba shwele, ba furalla metse ya bona, ba baleha. Mme Bafilesta ba fihla, ba aha ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 10:7
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Saule a shwa hammoho le bara ba hae ba bararo, le ba lelapa la hae bohle.


Ka le hlahlamang, ha Bafilesita ba tlilo hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba bolaetswe thabeng ya Gileboa.


Ke tla fetola metse ya lona masupi, ke falatse dibaka tsa lona tsa borapedi, ke se ke ka amohela monko o monate wa ditjheso tsa lona.


“ ‘Ha e le masalla a lona, ke tla a etsa makwala naheng ya dira tsa wona. A tla tshoha difotle, a phaphathehe jwalokaha eka a baleha sabole, le hoja ho se ya a lelekisang.


Ditholwana tsa naha ya heno, le matla wohle a hao, tsena di tla jewa ke setjhaba seo o sa se tsebeng, empa wena o tla hatellwa, o robokelwe kamehla.


“Mojaki ya jakileng haeno o tla o phahamela haholoholo, empa wena o tla theohela tlasetlase.


Bamidiane ba imela bana ba Iseraele. Ka baka la ho tshaba Bamidiane, bana ba Iseraele ba ile ba ipata matsabeng, le mahaheng, le diqhobosheaneng.


Ha Baiseraele ba bona hore taba di mosenekeng, kaha setjhaba se ne se tsielehile, batho ba ipata ka mahaheng, le meferong, le mafikeng, le diqhobosheaneng, le madumeleng.


Ha Baiseraele ba neng ba le kamose ho kgohlo, le ba ka nqane ho Jorodane, ba utlwa hore bahlabani ba Baiseraele ba balehile, le hore Saule le bara ba hae ba se ba bolailwe, ba siya metse ya bona, ba baleha, yaba Bafilesita ba a tla, ba ikahela ho yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ