Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 10:14 - BIBELE

14 O ne a sa ka a botsa Morena, mme ka baka leo, Morena o ile a mmolaya, mmuso wa hae a o nea Davida, mora wa Jese.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 a sa ka a botsa Jehova. Jehova a mo timetsa ke hona, mme a fetisetsa borena ho Davida, mora Jese.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 10:14
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba baetapele bohle ba Iseraele ba ya ho kgosi e le Heborone. Kgosi Davida a etsa selekane le bona Heborone, kapele ho Morena, mme ba mo tlotsa hore e be kgosi ya Iseraele.


Ena ke palo ya bahlabani ba mabothwana a hlometseng, a ileng a tla ho Davida ha a le Heborone, ho ya mmea hore e be kgosi sebakeng sa Saule, ho ya ka polelo ya Morena.


Ke tla ba ntatae, yena e be mora wa ka. Feela nke ke ka kgaotsa ho mo rata jwalokaha ke ile ka kgaotsa ho rata ya bileng teng pele ho wena.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robong sa puso ya hae, Asa a jewa ke lefu la maoto. Le hoja lefu lena la hae le nnile la ipha matla, ha a a ka a batla thuso ho Morena, o ile a e batla ho dingaka.


Ya buseletsang botle ka bokgopo, bokgopo bo ke ke ba tloha lapeng la hae.


Na selepe se ka ithorisetsa, ya rathang ka sona, kapa yona sakga ya ithorisetsa, ya sakgang ka yona? Na molamu o ka nonya ya o phahamisang, kapa kotjane ya tsokotsa motho e se lehong?


Empa hona hase hoo a ho rerang, le ka pelong ya hae ha a ho nahane, hoba sepheo sa hae ke ho timetsa, ke ho fedisa ditjhaba tse ngata.


Banna ba Baiseraele ba ngwatha mofao wa baeti, empa ba se ke ba batla keletso ya Morena.


Empa jwale mmuso wa hao o ke ke wa hlola o tswela pele. Morena o se a ipatletse motho eo a mo ratang. Morena o laetse motho eo hore e be kgosi ya setjhaba sa hae, hobane wena ha o a ka wa mamela seo Morena a o laetseng sona.”


Samuele a re ho Saule: “Ka letsatsi lena, Morena o hahotse mmuso wa Iseraele matsohong a hao, mme o o neile e mong ya lokileng ho o feta.


Morena a re ho Samuele: “O tla llela Saule ho le hokae, ha e le moo ke mo furaletse, hore e se be kgosi ya Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, mme o tsamaye. Ke tla o romela ho Jese wa Betlelehema, hobane ke ikgethetse kgosi hara bara ba hae.”


Morena o o entse seo a neng a o bolelle sona pele, ka molomo wa ka. Morena o o amohile mmuso wa hao, o o neile e mong, e leng Davida,


Saule a botsa Morena, empa Morena a se ke a mo araba, leha e le ka ditoro, kapa ka lejwe la Urime, kapa ka baporofeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ