Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 10:12 - BIBELE

12 banna bohle ba bahale ba phalla, ba nka setopo sa Saule, le ditopo tsa bara ba hae, ba di isa Jabeshe. Ba epela masapo a bona tlasa sefate sa eike se Jabeshe, mme ba itima dijo ka matsatsi a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 banna bohle ba matla ba ya, ba tlosa setopo sa Saule le ditopo tsa bara ba hae, ba di tlisa Jabeshe. Ba pata masapo a bona tlasa sefate sa terebinthe se Jabeshe, mme ba itima dijo ka matsatsi a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 10:12
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Aborame a feta naheng eo, a ya fihla sebakeng se bitswang Shekeme, sefateng sa eike sa More. Bakanana ba ne ba ahile naheng eo.


Yaba Debora, mohodisi wa Rebeka, o a hlokahala; a epelwa tlasa sefate sa eike, tlase ho Bethele, mme sebaka seo sa rewa lebitso la Eike ya Dillo.


Yare ha ba fihla Seotlong sa Meutlwa, kamose ho Jorodane, ba lla sello sa mmokotsane, mme Josefa a qeta matsatsi a supileng a llela ntatae.


Jwale setjhaba sohle sa tla ho Davida, sa re a je e sa ntsane e le motsheare, empa Davida a hlapanya, a re: “Modimo a nkotle tjena, le ho feta, haeba ekare letsatsi le eso dikele ka ja bohobe kapa ho hong feela.”


Ha baahi bohle ba Jabeshe-Gileade ba utlwa seo Bafilesita ba se entseng Saule,


Bajuda ba bangata ba ne ba tlile ho Maretha le Maria, ho ba tshedisa ka kgaitsedi ya bona.


Nahashe wa Moamone a nyoloha, a hloma malebana le Jabeshe-Gileade. Banna bohle ba Jabeshe ba re ho Nahashe: “Etsa selekane le rona, mme re tla o sebeletsa.”


Ba re ho maqosa a tswang Jabeshe: “Le tle le re ho banna ba Jabeshe-Gileade: ‘Hosasane, ha letsatsi le le hloohong tsa mengala, le tla namolelwa.’ ” Maqosa a kgutla, a bolella banna ba Jabeshe, mme bao ba thaba.


banna bohle ba bahale ba phalla, ba tsamaya bosiu bohle, ba fihla ba fanyolla setopo sa Saule le ditopo tsa bara ba hae lerakong la Bete-Shane, ba kgutlela Jabeshe, ba di tjhesetsa hona teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ