Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 10:1 - BIBELE

1 Bafilesita ba lwantsha Baiseraele. Banna ba Iseraele ba ba baleha, ba wa mofela hodima thaba ya Gileboa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse ha Bafilesta ba lwana le Baiseraele, banna ba Iseraele ba baleha pela Bafilesta, ba wa ba hlabilwe thabeng ya Gilboa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 10:1
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Lona, thaba tsa Gileboa, le se lalwe ke phoka, la nelwa ke pula; masimo a lona a fetohe matswatlare, hoba thebe tsa dinatla di silafaditswe, thebe ya Saule ha e sa tla tlotswa, ya tlotswa ka ole!


Yaba mohlankana ya mmehelang ditaba o re: “Ke ile ka wela Saule hodima thaba ya Gileboa a itshetlehile ka lerumo la hae, mme ka bona dikariki tsa ntwa le bahlabani ba dipere ba mo peteditse habohloko.


Davida a theoha, a ya nka masapo a Saule le a Jonathane, mora wa Saule, ho banna ba Jabeshe-Gileade, ba neng ba a utswe lebaleng la Bete-Shane, moo Bafilesita ba neng ba ile ba ba fanyehela teng, mohla Saule a bolaelwang Gileboa ke Bafilesita.


Ka le hlahlamang, ha Bafilesita ba tlilo hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba bolaetswe thabeng ya Gileboa.


Asele o ne a ena le bara ba tsheletseng. Mabitso a bona ke ana: Asarikama, le Bokeru, le Ishemaele, le Sheariya, le Obadiya, le Hanane. Bana e ne e le bara ba Asele.


Matsatsing wona ao, Bafilesita ba kgobokanya mabotho a bona ho futuhela Baiseraele. Yaba Akishe o re ho Davida: “O hlo tsebe hantle hore wena le bahlabani ba hao le tla ya le nna ntweng.”


Bafilesita ba kgobokana, ba fihla ba hloma Shuneme. Saule le yena a kgobokanya Baiseraele bohle, mme a hloma Gileboa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ