Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 1:17 - BIBELE

17 Bara ba Sema ke: Elame, le Asure, le Arepakeshade, le Lode, le Arame, le Use, le Hule, le Getere, le Mashe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Bara ba Sema ke Elame, Assure, Arpaksade, Lude, Arame, Utse, Hule, Getere, le Mesheke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 1:17
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sema, ntata bana bohle ba Ebere, moholwane wa Jafeta, le yena a tswallwa bana.


Lena ke leloko la Sema. Sema ha a ena le dilemo tse lekgolo, a tswala Arepakeshade hoba ho fete dilemo tse pedi morallo wa metsi o bile teng.


Mehleng ya Amorafele kgosi ya Shinare, le Arioke kgosi ya Elasara, le Kedore-Laomere kgosi ya Elame, le Tidale kgosi ya Goime,


Arepakeshade a tswala Shela, mme Shela a tswala Ebere.


yaba di tla ho bo-Serubabele le ho dihlooho tsa malapa, di re ho bona: “Ereng re le thuse ho haha, hobane le rona re sebeletsa Modimo wa lona jwaloka lona. Haesale re mo etsetsa mahlabelo ho tloha mohla Asare-Hadone, kgosi ya Asure, a neng a re tlisa mona.”


Bagebale le Baamone le Baamaleke, Bafilesita le baahi ba Tire,


Tsatsing leo Morena o tla otlolla letsoho la hae kgetlo la bobedi, ho lopolla masalla a setjhaba sa hae a Asiria le a Egepeta, a Patarose le a Kushe, a Elame le a Shinare, a Hamate le a ahileng dihlekehlekeng.


Ke bontshitswe pono e tshosang: Moeki o a eka, motimetsi o a timetsa. Futuha wena Elame! Thibella wena Media! Matshabeho wohle ke tla a fedisa!


Elame ya jara sehlajwe sa metsu, ya futuha le ka bapalami ba dipere, Kire yona ya ntsha thebe ya yona.


“Ke tla etsa pontsho hara bona, ba phonyohileng ke ba romele ditjhabeng tsa Tarshishe, le Pule, le Lode, e leng tsona tse tummeng ka ho fula ka metsu. Ke tla ba romela Tubale le Jafane, le dihlekehlekeng tse hole, tse eso utlwe botumo ba ka, tse eso bone le yona tlotla ya ka; ba tla phatlalatsa tlotla ya ka hara ditjhaba.


le dikgosi tsohle tsa Simeri, le dikgosi tsohle tsa Elame, le dikgosi tsohle tsa Media,


“ ‘Banna ba Peresiya, le banna ba Lode le Pute, e ne le bahlabani ba mabotho a hao; dithebe le katiba tsa bona tsa tshepe ba di fanyeha maboteng a hao, ba di fanyeha, ba o tlotla ka tsona.


“ ‘Ba tswang Harane le Kane le Edene, le bahwebi ba Sheba le ba Ashure le ba Kilemade, ba ne ba hweba le wena.


“Asiria e teng le mabotho wohle a yona, e teetswe hare ke mabitla a bahlabani bohle ba yona, ba bolailweng ka sabole.


“Elame le yona e teng, mabotho a yona a teetse lebitla la yona hare. Kaofela ha bona ba bolailwe ka sabole, ba theohela Nqalong ya Bafu e ntse le maqai; bona ba kileng ba tshosa batho ba phelang lefatsheng; jwale ba jere sekgobo sa bona mmoho le ba theohetseng mohohlong.


Ponong ena ka iphumana ke le Shushane, ka tlung ya bokgosi, naheng ya Elame. Ke ne ke eme lebopong la noka ya Ulai.


Asiria e ke ke ya re pholosa, ha re sa tla palama dipere tsa ntwa. Tse entsweng ka matsoho a rona re ke ke ra hlola re re ke medimo ya rona, hobane kgutsana e utlwelwa bohloko ke wena.”


Bileame a porofeta, a re: “Balake, kgosi ya Moabe, e tswang thabeng tsa botjhabela, o ntlisitse kwano ke etswa Arame. ‘Tloo o nthohakele Jakobo! Tloo o halefele Baiseraele.’


mora wa Kainame, mora wa Arepakeshade, mora wa Sema, mora wa Nowe, mora wa Lameke,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ