Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 5:15 - BIBELE

15 Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe, mme kamehla le pheelle ho etsetsana tse molemo, le ho di etsetsa bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Le bone hore ho se ke ha eba ya lefetsang bobe ka bobe; le mpe le batle kamehla se ka bang molemo ho e mong le e mong hara lona, le ho bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe ho mang kapa mang; empa kamehla le latele se molemo, hammoho le ho batho bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe ho mang kapa mang; empa kamehla le latele se molemo, hammoho le ho batho bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 5:15
39 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale a re bana babo ba tsamaye, mme ba tsamaya. A re ho bona: “Le se ke la qabana ha le le tseleng.”


Ba itshemmeng bora ho nna ba matla, ba ntlhoileng ntle ho lebaka ba ngatafetse,


Morena Modimo wa ka, haeba ke entse tsena: ha ke sebeditse bokgopo ka diatla tsa ka,


Ya buseletsang botle ka bokgopo, bokgopo bo ke ke ba tloha lapeng la hae.


Se ke wa re: “Bobe ke tla bo phetetsa ka bobe!” Lebella Morena, o tla o namolela.


O se ke wa thabela ho wa ha sera sa hao, pelo ya hao e se nyakalle ha se kgothometseha;


O se ke wa re: “Ke tla busetsa molamu sefateng, kgalapa ke e buseletse ka kgalapa.”


Ha sera sa hao se lapile, o ke o se fepe; ha se nyorilwe, se fe metsi se nwe;


“ ‘O se ke wa iphetetsa, kapa wa ntshetsa disuwa baneng ba setjhaba sa heno, empa o rate wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Morena.


Empa nna ke re ho lona: Le se ka la hanyetsa motho e mobe, empa ya o jabelang lerameng le letona, o mo retelletse le le letshehadi;


Empa ratang dira tsa lona, le di etse hantle, le adimane le sa lebelle ho buseletswa letho. Moputso wa lona o tla ba moholo, mme le tla ba bana ba Ya Hodimodimo, hobane yena o molemo ho ba hlokang teboho le ho ba kgopo.


Empa Paulosi a mo howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: “Se intshe kotsi, hobane re teng bohle!”


Lerato le hloke boikaketsi. Hloyang bobe, kgomarelang botle.


Jwale a re habeng tsa kgotso le tsa ho matlafatsana.


Folofellang lerato. Labalabelang dineo tsa moya, haholo neo ya ho porofeta.


Haeba Timothea a ka fihla, le etse hore a dule le lona a se na tshabo, hobane o sebetsa mosebetsi wa Morena jwaloka nna.


Ka baka lena, le hlotswe ho hang, hobane le a qosana. Keng ha le sa itlohelle ho etswa hampe? Keng ha le sa itlohelle ho qhekanyetswa?


Jwale he, ha re sa ntse re ena le sebaka, a re etsetseng bohle molemo, haholoholo ba lelapa la bodumedi.


Hlokomelang metsamao ya lona haholo; le se be dithoto, le mpe le be ba bohlale,


Ha ho le jwalo, e mong le e mong wa lona a rate mosadi wa hae jwalokaha a ithata; mosadi le yena a homphe monna wa hae.


Le pheelle toka, toka feela, hore le tle le phele, mme naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, e tle e be ya lona.


Ra le kgothatsa, ra le tshedisa, ra ipiletsa ho lona hore le phele ka mokgwa o tshwanelehang mahlong a Modimo, ya le bitsetsang mmusong wa hae le tlotleng ya hae.


Wena motho wa Modimo, baleha tsena, o habe ho loka, borapedi, tumelo, lerato, tiisetso, mosa.


Mohlanka wa Morena ha a tshwanele ho lwana, empa eka kgona a be mosa ho bohle, a tsebe ho ruta, a be le mamello.


Ba se nyefole motho, ba se rate ntwa, ba be mosa, ba be bonolo ho batho bohle.


Pheellang ho phela le bohle ka kgotso le ka kgalalelo, hobane ntle ho yona ha ho ya tla bona Morena.


Kaha le hlwekisitse meya ya lona ka ho mamela nnete, mme le rata bana babo lona ka lerato le se nang boikaketsi, ratanang ka dipelo tsohle, ka lerato le mofuthu.


Hlomphang batho bohle, ratang badumedi, tshabang Modimo, hlomphang kgosi.


Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe:


Motswalle, o se ke wa latela mehlala e mebe, o mpe o latele e metle. Ya etsang tse ntle ke wa Modimo; ya etsang tse mpe ha a eso ka a tseba Modimo.


Yaba ke itihela maotong a lona, ka re ke a le kgumamela, empa la re ho nna: “Se etse jwalo, hobane ke molekane wa hao wa bohlanka, le wa bana beno ba nang le bopaki ba Jesu. Kgumamela Modimo. Bopaki ba Jesu ke moya wa boporofeta.”


Lengeloi la re ho nna: “Se etse jwalo, hobane ke molekane wa hao wa bohlanka, le wa bana beno, baporofeta, le wa ba bolokang mantswe a buka ena. Kgumamela Modimo.”


Jwalokaha maele a baholoholo a bolela: ‘Bokgopo bo etswa ke ba kgopo,’ empa nna nke ke ka o isa letsoho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ