Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 4:11 - BIBELE

11 Ikitlaeletseng ho phela ka kgotso, ho hlokomela ditaba tsa lona le ho sebetsa ka matsoho a lona, jwalokaha re le laetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mme le tiise matla ho dula ka kgotso; le itshebelletse tsa lona, mme le sebetse ka matsoho a lona, jwalokaha re le laetse;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Le ikemisetse ho iketla, le ho iketsetsa mesebetsi ya lona, le ho sebetsa ka matsoho a lona, jwalokaha re le laetse;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Le ikemisetse ho iketla, le ho iketsetsa mesebetsi ya lona, le ho sebetsa ka matsoho a lona, jwalokaha re le laetse;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 4:11
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho molemo ho itjella dikokotwana, ho itjella tsona ka kgotso, ho ena le ho phela tlung e nang le kgora le diqabang.


Qabang e qala jwaloka metsi a faposwa mosele, wena e kwekwetle e eso ka e kekela.


Seatla se le seng se fupereng kgotso se feta tse pedi tse tshwereng ka thata, tse lelekisang moya feela.


Ho molemo ha motho a eba le letshepa, a lebella ka mamello hore Morena a mo pholose.


Ho jwalokaha motho a eta, a siya ntlo ya hae, a nea bahlanka ba hae matla, e mong le e mong mosebetsi wa hae, a ba a laela molebedi wa monyako ho lebela.


mme kaha e ne e le batho ba mosebetsi o le mong, a hlola le bona, mme ba sebetsa mmoho. Mosebetsi wa bona e ne e le wa ho etsa ditente.


Ke le bontshitse dinthong tsohle hore, ka ho sebetsa jwalo ka thata eka kgona le thuse mafutsana le ho hopola mantswe a Morena Jesu, kamoo yena a neng a re: ‘Ho fana ke lehlohonolo le fetang ho fuwa!’ ”


Le se ke la ba botswa, le mpe le be mafolofolo, le sebeletse Morena ka moya o tjhesehang.


Leha ho le jwalo, ke ile ka pheella ho bolela molaetsa o molemo moo lebitso la Kreste le esong ho bolelwe teng, hore ke se ke ka haha hodima motheo wa e mong,


Re sebetsa ka thata ka matsoho a rona. Ha ba re hlapaola, re a ba hlohonolofatsa; ha ba re hlorisa, re a mamella;


Ka baka leo, leha re ntse re le mmeleng ona kapa re faletse ho wona, re ikitlaeletsa ho mo kgahlisa,


Ya utswang a se hlole a utswa, a mpe a tshware ka thata, a sebeletse tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho fa ya hlokang.


le dikgosi le bohle ba hlomphehang, e le hore re tle re phele bophelo ba boiketlo le ba kgotso ka borapedi le ka boitlhompho.


Hape ba ka itlwaetsa ho se sebetse letho le ho tjhalaka le malapa; e seng feela ho se sebetse letho, empa ho shwahla le ho itshunyaka hohle ditabeng tsa ba bang, le ho bua tse sa lokelang.


Bana babo rona ba ke ba ithute ho thahasella mesebetsi e metle, ba tle ba thuse moo ho hlokahalang teng, esere ya eba batho ba se nang thuso.


Mokgabo wa lona o sa senyeheng o tswe botebong ba dipelo tsa lona, e leng moya wa mosa le kgutso, oo e leng ntho ya bohlokwa ho Modimo.


Ho se be teng hara lona ya hlokofatswang kahobane e le mmolai, kapa leshodu, kapa sesenyi, kapa ya itshunyakang ditabeng tsa ba bang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ