Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 3:5 - BIBELE

5 Ka lebaka lena, e ile yare ha ke se ke sitwa ho iphapanya, ka roma Timothea ho lona ho ya batlisisa tsa tumelo ya lona; e se be mohlomong Moleki o le lekile, mme mosebetsi wa rona o fetohile lefeela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ke re, ka baka la ho hlolwa ke ho le hlolohelwa, nkile ka roma Timothea, a tle a bone kamoo tumelo ya lona e dutseng kateng; esebe mohlomong moleki a le lekile, mme mosebetsi wa rona wa fetoha lefeela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Ka baka leo, ha ke sa kgone ho mamella, ke ile ka romela ho tseba tumelo ya lona, esere mohlomong Moleki a le lekile, mme mosebetsi wa rona wa fetoha lefeela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Ka baka leo, ha ke sa kgone ho mamella, ke ile ka romela ho tseba tumelo ya lona, esere mohlomong Moleki a le lekile, mme mosebetsi wa rona wa fetoha lefeela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 3:5
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba nna ke re: “Ke sebeleditse lelea, ka fufulellwa ntata selala. Empa se ntshwanelang se ka atleng sa Morena, moputso wa ka o ho Modimo wa ka.”


Kgosi ya tsoha ka madungwadungwana, ya potlakela mokoting o moholo wa ditau.


Moleki a mo atamela, a re: “Haeba o Mora wa Modimo, ere majwe ana a fetohe bohobe!”


Jwale, kamora matsatsinyana, Paulosi a re ho Baranabase: “A re boele re tjhakele badumedi motseng o mong le o mong oo re ileng ra phatlalatsa lentswe la Morena ho wona, re bone hore na ba phela jwang.”


Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nakwana, e le hore le iphe nako ya ho rapela. Kamora moo le boele le kopane, esere Satane a le leka ka baka la ho hloka boitshwaro ha lona.


esere Satane a re qhekella, etswe re tseba maqiti a hae.


Jwale rona, re le ba sebetsang mmoho le Modimo, re a le rapela hore mohau wa Modimo le se ke la o amohella lefeela.


Ke ne ke senoletswe hore ke nyolohele teng. Lekunutung, ka hlalosetsa batho ba nang le mabitso molaetsa o molemo, oo ke o phatlalletsang baditjhaba; esebe mohlomong nakong ena kapa e fetileng, ke tsamaetse lelea.


Ke a tshaba, esebe ke fufuleletswe lefeela hara lona.


Ka hona ha re sa tla hlola re eba masea a tsokoletswang kwana le kwana, a fefolwang ke moya ofe le ofe wa dithuto tsa batho ba mano, ba kgelosang ka maqiti a bona.


ka ho o tlisetsa lentswe la bophelo. Ha le etsa jwalo, ke tla ithorisa ka lona mohla Letsatsi la ho tla ha Kreste, hobane e tla ba ha ke a mathela lelea, ha ke a sebeletsa ntataselala.


Ka thuso ya Morena Jesu ke tshepile ho le romela Timothea haufinyane, le nna ke tle ke kgothale ha ke utlwa tsa bophelo ba lona.


Bana beso, le tseba ka bolona hore ketelo ya rona ho lona ha e a ka ya eba ya lefeela.


Hona jwale Timothea o kgutletse ho rona a etswa ho lona, mme o re tliseditse ditaba tse monate tsa tumelo le lerato la lona. O re kamehla le ntse le re hopola ka thabo, mme le hlolohetswe ho re bona, jwalokaha le rona re hlolohetswe ho le bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ