Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 2:15 - BIBELE

15 Bajuda ke bona ba ileng ba bolaya Morena Jesu le baporofeta, mme le rona ba re hlorisitse haholo. Ha ba kgahlise Modimo, mme ba hanyetsana le batho bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 e leng bona ba bolaileng Morena Jesu le baporofeta ba bona, mme ba re hlorisitse; ha ba kgahlise Modimo, mme ba hanyetsa batho bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Bao ba bolaileng Morena Jesu le baporofeta ba bona, mme ba re hlorisitse; mme ha ba kgahlise Modimo, mme ba hanyetsa batho bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Bao ba bolaileng Morena Jesu le baporofeta ba bona, mme ba re hlorisitse; mme ha ba kgahlise Modimo, mme ba hanyetsa batho bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 2:15
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Hamane o re ho kgosi Ahashuerushe: “Dinaheng tsohle tsa mmuso wa hao, ho na le setjhaba se itseng, se hasahasaneng hara ditjhaba tsohle tse mmusong wa hao. Melao ya setjhaba seo e fapane le ya ditjhaba tsohle tse ding, mme setjhaba seo ha se boloke melao ya kgosi. Ka baka lena, kgosi e ke ke ya fumana molemo wa letho ka ho tlohela setjhaba seo.


Morena a ke a putse baqosi ba ka jwalo, batho bana ba mpuang hampe.


“Ke otlile bara ba lona, empa thuso ha e yo; kgalemelo ya ka ba hanne ho e mamela; sabole tsa lona di jele baporofeta ba lona, tsa ba ja sa tau e harolakang.


Yaba Amasiya o bua ho Amose, o re: “Tloha mona, senohe towe! Kgutlela naheng ya Juda kwana! Tsamaya o yo porofetela teng, ba tle ba o ngwathele!


“Jerusalema! Jerusalema! Wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rometsweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao, jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona, empa wa hana!


Setjhaba sohle sa arabela, sa re: “Madi a hae a botswe rona le bana ba rona!”


Thabang, le nyakalle, hobane moputso wa lona o moholo mahodimong; etswe baporofeta ba bileng teng pele ho lona ba hlorisitswe jwalo.”


kamoo baprista ba baholo le babusi ba rona ba neelaneng ka yena hore a ahlolelwe lefu kateng, ba bileng ba mo thakgisa.


Yare ha a bona hore taba eo e kgahlile Bajuda, a eketsa ka ho tshwara Petrose. E ne e le matsatsi a mokete wa bohobe bo sa lomoswang.


Ke yena ya neetsweng lefu ka thato le tsebo ya Modimo, mme lona le mo thakgisitse ka matsoho a banna ba kgopo, la mmolaya.


Le bolaile Mohlodi wa bophelo, eo Modimo a mo tsositseng bafung, mme rona re dipaki.


ho ke ho tsejwe ke lona bohle, le ke setjhaba sohle sa Iseraele, hore ke ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, eo lona le mo thakgisitseng, eo Modimo a mo tsositseng bafung. Ke ka lebitso lena monna enwa a emeng kapele ho lona, a fodile.


Modimo wa bo-ntata rona o tsositse Jesu bafung, eo le mmolaileng ka ho mo thakgisa sefapanong.


Ke ofe wa baporofeta ya sa kang a hloriswa ke bo-ntata lona? Ba bolaile ba neng ba bolele pele ho tla ha Ya Lokileng, eo le lona le bileng baeki le babolai ba hae;


Empa Modimo ha a a ka a kgahlwa ke ba bangata ba bona, mme ba ile ba shwela lehwatateng ka bongata.


Maetong a ka a mangata ke bile dikotsing tsa dinoka, dikotsing tsa dinokwane, dikotsing tsa ba heso, dikotsing tsa baditjhaba, dikotsing metseng, dikotsing mafeelleng, dikotsing lewatleng, dikotsing tsa badumedi ba bohata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ