Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 2:13 - BIBELE

13 Le ka lona lebaka lena he, ha re phetse ho leboha Modimo, hobane ha re ne re le tlisetsa lentswe la Modimo, ha le a ka la le amohela jwaloka hoja ke la batho, empa le ile la le amohela e le lentswe la sebele la Modimo, ya sebetsang ka ho lona ba dumelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ka baka leo, le rona ha re phetse ho leboha Modimo kahobane, mohla le amohetseng lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, le le amohetse e seng jwaloka hoja e le lentswe la batho, empa la kgolwa hore ke lentswe la Modimo, jwalokaha e le lona ka sebele, le sebetsang ka ho lona ba dumetseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Ka baka leo, le rona re leboha Modimo re sa phetse, kahobane eitse ha le amohela lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, ha le a ka la le amohela jwalokaha e le lentswe la batho, empa le le jwalokaha e le ka nnete, e leng lentswe la Modimo, le sebetsang ka ho phethahala. le ho lona ba dumelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Ka baka leo, le rona re leboha Modimo re sa phetse, kahobane eitse ha le amohela lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, ha le a ka la le amohela jwalokaha e le lentswe la batho, empa le le jwalokaha e le ka nnete, e leng lentswe la Modimo, le sebetsang ka ho phethahala le ho lona ba dumelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 2:13
41 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ha re ka ke ra mamela seo o re bolellang sona ka lebitso la Morena!


Yaba Serubabele, mora wa Shealetiele, le Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, le masalla wohle a setjhaba, ba mamela lentswe la Morena Modimo wa bona, le molaetsa wa moporofeta Hagai, hobane a ne a ronngwe ke Morena Modimo wa bona. Setjhaba sa tshaba Morena haholo.


hobane ho tla be ho sa bue lona, empa e tla be e le Moya wa Ntata lona o buang ka lona.


“Ya le amohelang o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng.


Empa Jesu a re: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, ba le boloke.”


Eitse ha letshwele le patisitse Jesu ho mamela lentswe la Modimo, a eme lebopong la letsha la Genesareta,


“Qaqiso ya setshwantsho ke ena: Peo ke lentswe la Modimo.


Empa a ba araba, a re: “Bao e leng mme le bana beso, ke ba utlwang, ba phethang lentswe la Modimo.”


Lona le se le hlwekile ka baka la lentswe leo ke le buileng ho lona.


Ba halaletse nneteng; lentswe la hao ke nnete.


mme ke ikgalaletsa ka baka la bona, hore le bona ba halaletswe nneteng.


Ka hona ke ile ka romela ho wena ka potlako, mme o entse hantle ha o tlile. Jwale rona bohle re teng mona pela Modimo, ho utlwa tseo o di laetsweng ke Morena.”


Yare ha baditjhaba ba utlwa ba thaba, mme ba tlotlisa lentswe la Morena. Bohle ba kgethetsweng bophelo bo sa feleng ba dumela.


Mosadi e mong wa motse wa Thiatira, ya bitswang Lidia, ya rekisang masela a perese, ya tshabang Modimo, a mamela, mme Morena a bula pelo ya hae hore a ele hloko tse bolelwang ke Paulosi.


Bao ba ne ba ena le maikutlo a matle ho feta ba Thesalonika, ba amohela lentswe la Modimo ka thahasello yohle, ba fuputsa Mangolong ka letsatsi le leng le le leng ho bona hore na ditaba tseo di jwalo.


Yare ha ba utlwa tsa tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: “Re sa tla o utlwa hape ka taba ena.”


Ba ileng ba dumela molaetsa wa hae, ba kolobetswa, mme ka lona letsatsi leo badumedi ba eketseha ka ba ka bang dikete tse tharo.


Yare ha baapostola ba leng Jerusalema ba utlwa hore Samaria e amohetse lentswe la Modimo, ba roma Petrose le Johanne teng.


Jwale tumelo re e fumana ka ho utlwa, mme seo re se utlwang ke lentswe la Kreste.


Rona bohle, jwaloka seiponeng, re bonahatsa tlotla ya Morena ka difahleho tse kgurumolotsweng, mme yona tlotla eo, e tswang ho Morena e leng Moya, e re fetola hore re tshwane le yena; re ntse re atelwa ke tlotla hoyahoile.


Ha le a ka la wela molekong wa ho nnyedisa kapa ho nnyekellwa ka baka la boemo ba mmele wa ka, empa le nkamohetse e ka ke lengeloi la Modimo, le jwalokaha le ka amohela Kreste Jesu.


o le fihletseng. Molaetsa oo o namela lefatsheng lohle, mme o beha ditholwana. O entse jwalo le ho lona, ho tloha mohla le neng le utlwa tsa mohau wa Modimo, mme la fela la utlwisisa seo o leng sona.


Lentswe la Modimo le a phela, le a sebetsa. Le bohale ho feta disabole tsohle tse sehang kamahohle. Le phohlotsa ho ya fihla moo bophelo le moya di kopanang teng, manonyeletsong le mokong. Le ahlola mehopolo le merero ya pelo.


Re boleletswe molaetsa o molemo jwaloka bona, empa lentswe leo ba le rutilweng ha le a ba tswela molemo, hobane ba le utlwileng ha le a ka la ba lomosa tumelong.


Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be ho kang matsibolo hara dibopuwa tsa hae.


Le tswetswe botjha, e seng ka peo e bolang, empa ka e sa boleng, e leng lentswe la Modimo le phelang, le sa feleng,


empa lentswe la Modimo le tla hlola kamehla.” Lentswe lena ke Molaetsa o Molemo oo le o boleletsweng.


Jwaloka masea a sa tswa hlaha, lakatsang lebese le hlwekileng la lentswe la Modimo, e le hore ka lona le tle le hodisetswe pholohong,


Hopolang he tse neng di bolelwe e sa le pele ke baporofeta ba halalelang, le ditaelo tse tswang ho Morena le Mopholosi wa rona, tseo le neng le di newe ke baapostola ba lona.


Mang le mang ya nang le tshepo ena ho yena, o a itlhwekisa, jwalokaha le yena a hlwekile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ