Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 1:5 - BIBELE

5 hobane molaetsa o molemo wa rona ha o a ka wa tla ho lona ka dipolelo feela, empa o tlile le ka matla le ka Moya o Halalelang, le ka ho kgodiseha haholo. Ke seo re bileng sona hara lona ho le thusa, jwalokaha le tseba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hobane Evangeli ya rona ha e a ka ya tla ho lona ka dipolelo feela, empa e tlile le ka matla, ka Moya o Halalelang, le ka kgodiso e kgolo, jwalokaha le tseba seo re bileng sona ha heno, ka baka la lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Hobane Evangeli ya rona ha ya ka ya tla ho lona ka dipolelo feela, empa le ka matla, le ka Moya o Halalelang, le ka kgodiseho e kgolo. jwalokaha le tseba hore re ne re le batho ba jwang hara lona ka baka la lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Hobane Evangeli ya rona ha ya ka ya tla ho lona ka dipolelo feela, empa le ka matla, le ka Moya o Halalelang, le ka kgodiseho e kgolo jwalokaha le tseba hore re ne re le batho ba jwang hara lona ka baka la lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 1:5
60 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le dipolelo tseo ke di buang di jwalo, di ke ke tsa kgutlela ho nna di sa sebetsa letho, empa di tla phethahatsa seo ke se ratang, di phethe merero eo ke di rometseng ho e phetha.


Ha e le bona ba tsamaya, ba ruta kahohle, Morena a ntse a sebedisana le bona, a tiisa lentswe ka dipontsho tse le felehetsang.


Erekaha ba bangata ba lekile ho ngola ditaba tse etsahetseng hara rona,


Letsoho la Morena le ne le ena le bona, mme palo e kgolo ya ba dumelang ya sokolohela ho Morena.


Mosadi e mong wa motse wa Thiatira, ya bitswang Lidia, ya rekisang masela a perese, ya tshabang Modimo, a mamela, mme Morena a bula pelo ya hae hore a ele hloko tse bolelwang ke Paulosi.


O phahamisitswe ka letsoho le letona la Modimo, a amohela Moya o Halalelang jwalokaha Ntatae a ne a tshepisitse. A o theola kamoo le bonang, mme le utlwang kateng.


Ha ke hlajwe ke dihlong ho bolela molaetsa o molemo, hobane wona ke matla a Modimo, a pholosang mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena moditjhaba.


Jwale Modimo ya re fang tshepo a ke a le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso ka baka la ho dumelo ho yena, hore le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang.


Ho ya ka molaetsa o molemo, oo ke o bolelang, ho tla ba jwalo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a ahlolang diphiri tsa batho ka Jesu Kreste.


Empa ho ba bitsitsweng ke Modimo, e ka ba Bajuda kapa Bagerike, Kreste eo ke matla a Modimo le bohlale ba Modimo.


jwalokaha le nna ke leka ho thabisa bohle, dinthong tsohle. Ha ke ipatlele se molemo ke le mong, ke se batlela le ba bangata, hore ba tle ba pholoswe.


Na ha le tsebe hore le tempele ya Modimo, le hore Moya wa Modimo o ahile ka ho lona?


Nna ke ile ka lema, Apolosi yena a nwesetsa, empa ke Modimo ya medisitseng.


hobane Mmuso wa Modimo hase wa puo ya molomo, ke wa diketso.


Ka mokgwa o jwalo, Morena le yena o laetse hore ba phatlalatsang molaetsa o molemo, ba iphedise ka hona.


Ke yena ya re fileng matla a ho ba basebeletsi ba selekane se setjha, seo e leng sa Moya, e seng sa Molao o ngotsweng feela. Molao o ngotsweng o a bolaya, athe Moya o a phedisa.


Ke ne ke senoletswe hore ke nyolohele teng. Lekunutung, ka hlalosetsa batho ba nang le mabitso molaetsa o molemo, oo ke o phatlalletsang baditjhaba; esebe mohlomong nakong ena kapa e fetileng, ke tsamaetse lelea.


Ha e le rona, ka matla a Moya wa Modimo, re lebeletse, ka tumelo, tokafatso eo re tshepileng ho e fumana,


Re dibopuwa tsa Modimo, ka Kreste Jesu o re bopetse ho etsa mesebetsi e metle, eo a neng a e lokise e sa le pele hore re tle re e etse.


Yena eo matla a hae, ka ho sebetsa ka ho rona, a ka etsang tse fetang hole tseo re ka di kopang kapa tseo re ka di hopolang,


hobane ho rata le ho phetha ha lona ho sebetswa ka ho lona ke Modimo, ka ho ya ka boithatelo ba hae.


Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di phethe, mme Modimo ya re fang kgotso o tla ba le lona.


Ke entse jwalo hore dipelo tsa bona di tshedisehe, di kopane mmoho ka lerato, ba tle ba rue tsebo e tletseng, e tlisang kutlwisiso ya sephiri sa Modimo, e leng Kreste.


Le ka lona lebaka lena he, ha re phetse ho leboha Modimo, hobane ha re ne re le tlisetsa lentswe la Modimo, ha le a ka la le amohela jwaloka hoja ke la batho, empa le ile la le amohela e le lentswe la sebele la Modimo, ya sebetsang ka ho lona ba dumelang.


Modimo o le bitseditse hona ka molaetsa wa rona o molemo, hore le tle le fumane tlotla ya Morena wa rona Jesu Kreste.


Kahoo ke mamella tseo tsohle ka baka la bakgethwa, hore le bona ba tle ba fumane pholoho mmoho le tlotla e sa feleng ka Kreste Jesu.


Hopola Jesu Kreste, setloholo sa Davida, ya tsohileng bafung, ho ya ka molaetsa o molemo wa ka


Kahoo a re atameleng ka dipelo tse tshepahalang, le ka tumelo e tletseng, re hlwekisitswe dipelo ho kgutsisa matswalo a rona, re hlatswitswe mmele ka metsi a hlwekileng.


Re lakatsa ha e mong le e mong wa lona a ka bontsha mafolofolo wona ao, a etsang hore tshepo ya lona e phethehe ho fihlela qetellong.


Ba ile ba senolelwa hore ba ne ba sa itshebeletse, empa ba ne ba sebeletsa lona ka molaetsa oo le o tsebiswang jwale ke ba le bolellang wona, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong. Ke molaetsa oo le mangeloi a lakatsang ho o utlwisisa.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste. Ka baka la boholo ba mohau wa hae, o re tswetse botjha ka tsoho ya Jesu Kreste bafung, hore re tle re be le tshepo e phelang,


Ba beilweng tlhokomelong ya lona, le se ke la ba busa ka thata, le mpe le be mohlala ho mohlape wa lona.


Ka baka leo, bana beso, itekeng ka matla hore pitso le kgetho ya lona e tiye. Ka ho etsa jwalo, ha le ka ke la hlola le wela phosong.


Re bile re na le lentswe la baporofeta, le tshepahalang haholo, leo e ka bang hantle hore le le ele hloko, hobane le jwaloka lebone le kganyang lefifing, ho fihlela mesong ya Letsatsi lela, mohla Mphatlalatsane e tjhabelang dipelong tsa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ