Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Bakorinthe 7:35 - BIBELE

35 Ke le bolella tsena ho le thusa, e seng ho le kgina, empa e le hore le batle ho lokelang, le ikakgele mosebetsing wa Modimo ka setotswana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Ke rialo ka ho lekanya se ka bang molemo ho lona, e seng ho le tjheha ka leraba; e le hore le mpe le etse ka hlokomelo, mme le sebeletse Morena le sa horeletswe ke letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

35 Ke bua sena molemong wa lona; e seng hore ke le tjhese leraba, empa e le hore le tle le etse ka mokgwa o tshwanelang, le tle le sebeletse Morena ntle le tšitiso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 Ke bua sena molemong wa lona; e seng hore ke le tjhese leraba, empa e le hore le tle le etse ka mokgwa o tshwanelang, le tle le sebeletse Morena ntle le tšitiso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Bakorinthe 7:35
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hobane ho na le ba tswetsweng e le mahaole; ho na le mahaole a entsweng mahaole ke batho, mme ho na le ba ikentseng mahaole ka baka la Mmuso wa mahodimo. Ya ka amohelang hona, a ke a ho amohele.”


Yaba Bafarisi ba a tsamaya, ba ilo buisana ka hore na ba ka mo tshwasa jwang ka dipuo tsa hae.


“Itlhokomeleng, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke botlofa le botahwa, le matshwenyeho a bophelo bona, mme letsatsi lela la le tsometsa,


E wetseng meutlweng, ke ba utlwang, mme kgabareng ba bipetswe ke dikgathatso, maruo le menyaka ya bophelo, mme ha ba fihle ho butsweng.


Empa ka baka la ho tshaba bohlola, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae.


Haeba o nyala, ha o etse sebe; le morwetsana ha a nyalwa, ha a etse sebe. Empa ba nyalanang ba tla ba le matshwenyeho bophelong bona, mme lona ke a le qenehela.


Ha motho a lekanya hore e ka ba ntho e dihlong, ha moradi wa hae e le lefetwa, mme a hopola hore eka kgona taba eo e lokiswe, a etse kamoo a ratang kateng. Ha a etse sebe ha a ka mo nyadisa.


Empa ha e le bohlola, le tsohle tse ditshila, le meharo, di se ke tsa bolelwa le ho bolelwa hara lona, jwalokaha ho loketse bahalaledi.


Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane.


dihlola, ba janang maotwana, ba rekisang makgoba, ba leshano, ba ikanang ka leshano, le bohle ba etsang eng kapa eng e fapaneng le thuto ya nnete.


Ka mokgwa o jwalo, basadi ba hodileng ba be le boitshwaro bo lokelang ba halalelang, ba se ke ba bua batho hampe, e se be makgoba a dino, empa ba rute tse lokileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ