Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Bakorinthe 15:47 - BIBELE

47 Motho wa pele o tswa mobung, ke wa lefatshe; motho wa bobedi yena o tswa lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

47 Motho wa pele e ne e le wa lefatshe, o entswe ka mobu, empa motho wa bobedi, e leng Morena, o tswile lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

47 Motho wa pele o tswa lefatsheng, ke wa mobu; motho wa bobedi ke Morena ya tswang lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

47 Motho wa pele o tswa lefatsheng, ke wa mobu; motho wa bobedi ke Morena ya tswang lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Bakorinthe 15:47
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena Modimo a bopa motho ka lerole le tswang mobung; ka dinkong tsa hae a budulela moya wa bophelo, mme motho ya eba sebopuwa se phelang.


O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, ho fihlela o boela mobung, hobane o ntshitswe mobung, o lerole, mme o tla boela leroleng!”


Rona re tswaletswe Ngwana, rona re filwe Mora, puso e tla ba mahetleng a hae, o tla bitswa Radimakatso le Moeletsi, Modimo ya matla, Rabosafeleng, Kgosana ya Kgotso.


Mehleng ya kgosi eo, Juda e tla pholoswa, Iseraele le yona e iphelele ka kgotso. Lebitso le tla rewa kgosi eo ke lena: Morena ke yena ho loka ha rona.


“Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme mora eo o tla rewa lebitso la Emmanuele,” e leng ho re: Modimo o na le rona.


Kajeno, motseng wa Davida, le tswaletswe Mopholosi, e leng Kreste Morena.


“Ya tswang hodimo o kahodimo ho bohle; ya tswang lefatsheng ke wa lefatshe, mme o bua tsa lefatshe. Ya tswang lehodimong o kahodimo ho bohle;


hobane bohobe ba Modimo ke ya theohang lehodimong, ya fang lefatshe bophelo.”


O ile a romela lentswe la hae ho bana ba Iseraele ka ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso ka Jesu Kreste, eo e leng Morena wa bohle.


hobane Mangolo a re: “Motho wa pele, Adama, ya eba sebopuwa se phelang;” Adama wa mehla ya bofelo ke yena moya o phedisang.


Se bileng teng pele hase sa moya, ke sa nama; ha nto hlaha sa moya.


Re tseba hore, mohla lephephe leo re phelang ho lona mona lefatseng le qhaqhollwang, lehodimong re na le lehae leo re le lokiseditsweng ke Modimo, ntlo e sa hahwang ke batho.


Ha ho pelaelo, sephiri sa tumelo ya rona se seholo: “Kreste o ile a hlaha e le motho, a pakwa ke Moya hore o lokile, mme a bonwa ke mangeloi. A phatlalatswa hara baditjhaba, a dumelwa ke lefatshe lohle, mme a nkelwa tlotleng.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ