Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Bakorinthe 14:26 - BIBELE

26 Jwale, ke tla reng bana beso? Ke re: Kamehla ha le phuthehile, e mong a bine sefela, e mong a rute, e mong a le senolele tsa Modimo, e mong a bue ka leleme lesele, e mong a hlalose puo eo. Tsena tsohle di etsetswe ho matlafatsa phutheho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ana ke re, ho be jwang, banabeso? Ke re: Kamehla yohle ha le phutheha, e mong le e mong ho lona o na le pesaleme, leha e le thuto, kapa puo, leha e le tshenolo, leha e le phetolo; tsohle di etsetswe kgahiso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

26 Ho tla jwang jwale, banabeso? Ha le phuthehile, e mong le e mong wa lona o na le sefela, o na le thuto, o na le puo, o na le tshenolo, o na le tlhaloso. Lintho tsohle li ke li etsoe ho haha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Ho tla jwang jwale, banabeso? Ha le phuthehile, e mong le e mong wa lona o na le sefela, o na le thuto, o na le puo, o na le tshenolo, o na le tlhaloso. Lintho tsohle li ke li etsoe ho haha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Bakorinthe 14:26
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bana beso, ke rata ha le tseba hore ke rerile ka makgetlo ho le etela, empa ho fihlela jwale ke sa hlotswe. Ke ne ke rata hore le hara lona ke tle ke fumane ditholwana tsa mosebetsi wa ka, jwaloka ditjhabeng tse ding.


ya neilweng ho sebeletsa, a sebeletse; ya neilweng ho ruta, a rute;


Jwale a re habeng tsa kgotso le tsa ho matlafatsana.


E mong le e mong wa rona a kgahlise wa habo ka tse isang botleng, ho mo matlafatsa tumelong.


Ke etse jwang? Ke tla rapela ka moya, ke be ke rapele le ka kelello. Ke tla bina ka moya, ke be ke bine le ka kelello.


Motho ya buang ka leleme lesele ha a bue le batho, o bua le Modimo, hobane ha ho ya mo utlwisisang. O bolela diphiri ka Moya o Halalelang.


Haeba ho buuwa ka maleme asele, ho bue ba babedi, kapa ba sa feteng boraro; ba bue ka ho hlahlamana, mme e mong a hlalose.


Na haesale le ntse le nahana hore re batla ho itshireletsa mahlong a lona? Re bua pela Modimo re le ba Kreste, mme, baratuwa, tsohle di etsetswa ho le matlafatsa.


Ka baka leo, ke le ngolla tsena ke eso tle, e le hore ha ke se ke tlile, ke se ke ka le hlekefetsa, ho ya ka matla ao Morena a mphileng wona, e leng a ho haha, e seng a ho heletsa.


hore ba lokisetse badumedi tshebeletso ya Modimo, mmele wa Kreste o tle o matlafale.


Mmele wohle o kopanngwa ke yena, o tlamahanngwa manonyeletsong wohle ao o nang le wona. Ha setho ka seng se sebetsa kamoo se lokelang kateng, mmele o a hola, o imatlafatsa ka lerato.


Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.


Kgothatsanang ka dipesalema, difela le dipina tse halalelang; rokang Morena, mme le mminele dipesalema ka dipelong tsa lona.


Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le matlafatsane, jwalokaha le fela le etsa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ