Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Bakorinthe 14:25 - BIBELE

25 Makunutu a pelo ya hae a tla senoleha. O tla itihela fatshe, a kgumamele Modimo, a phatlalatse, a re: “Ruri Modimo o teng hara lona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Mme ka mokgwa o jwalo, makunutu a pelo ya hae a bonahatswa, mme o tla itihela fatshe ka sefahleho, a rapele Modimo, mme a bolele hore Modimo o hara lona ka sebele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 Mme diphiri tsa pelo ya hae di bonahatswa jwalo; mme ka mokgwa o jwalo o tla itihela fatshe ka sefahleho, a kgumamele Modimo, mme a bolele hore ruri Modimo o ka ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Mme diphiri tsa pelo ya hae di bonahatswa jwalo; mme ka mokgwa o jwalo o tla itihela fatshe ka sefahleho, a kgumamele Modimo, mme a bolele hore ruri Modimo o ka ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Bakorinthe 14:25
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Juda le bana babo ba fihla tlung ya Josefa, Josefa o ne a sa le teng, mme ba itihela fatshe kapele ho yena.


Dikgosi tsohle di itihe kapele ho yena, ditjhaba tsohle di mo sebeletse.


Morena o bua tjena: “Matlotlo a Egepeta le thepa ya kgwebo ya Kushe, le banna ba diqhobane ba naha ya Sheba, ba tla ineela ho wena e be ba hao; ba hulane kamora hao ba tlanngwe ka mahlaahlela. Ba tla o obamela, ba o rapele, ba re: ‘Ruri Modimo o na le wena, ha ho Modimo e mong ntle ho yena.’ ”


Bara ba bahatelli ba hao ba tla o obamela, bohle ba neng ba o nyedisa ba koqame maotong a hao, ebe ba o bitsa Motse wa Morena, Sione ya Ya Halalelang wa Iseraele.


Kgosi ya re ho Daniele: “Kannete Modimo wa lona ke Modimo wa medimo, ke Morena wa dikgosi, ke mosenodi wa diphiri, hobane ke mona o tsebile ho senola sephiri sena.”


Morena wa mabotho o bua tjena: “Mohlang oo banna ba leshome ba dipuo tsohle le ba ditjhaba tsohle ba tla tshwara Mojuda a le mong ka qola ya kobo ya hae, ba re: ‘Ako re re ye le lona, hobane re utlwile hore Modimo o na le lona.’ ”


a itihela fatshe ka sefahleho maotong a Jesu, a mo leboha. Yena e ne e le Mosamaria.


Ha Simone Petrose a bona hoo, a itihela mangweleng a Jesu, a re: “Morena, tloha ho nna, hobane ke motho wa moetsadibe!”


Yare ha a bona Jesu, a itihela fatshe pela hae, a re ka lentswe le phahameng: “O nkene kang, Jesu Mora wa Modimo ya hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa!”


Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ke lemoha hore o moporofeta.


Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, ba lemoha le hore ha ba a ruteha, ke batho feela, ba makala. Ba ba ba tseba hore ke ba bileng le Jesu.


“Yaba ke itihela fatshe, kapele ho Morena. Ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, jwaloka kgetlo la pele, ha ke a ka ka ja, leha e le ho nwa metsi, ka baka la sebe seo le se entseng ka ho etsa bobe mahlong a Morena, mme la mo halefisa.


Baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, le dibopuwa tse nne tse phelang, ba itihela fatshe, ba kgumamela Modimo ya dutseng teroneng, ba re: “Amen, Haleluja!”


Eitse ha e nka buka, dibopuwa tse nne tse phelang, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba itihela fatshe kapele ho Konyana. E mong le e mong o ne a tshwere harepa le lefiswana la kgauta le tletseng mokubetso, oo e leng dithapelo tsa bahalaledi.


Samuele a araba Saule, a re: “Ke nna senohe. Nketelle pele, o nyolohele leralleng, hobane kajeno re tla ja le wena. Hosasane ke tla o lokolla, o tsamaye, mme ke tla o bolella tsohle tse ka pelong ya hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ