Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Bakorinthe 12:27 - BIBELE

27 Lona le mmele wa Kreste. E mong le e mong wa lona ke setho sa wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Haele lona, le mmele wa Kreste, mme le ditho tse ding tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 Jwale, le mmele wa Kreste, le ditho ka mokgwa o mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Jwale, le mmele wa Kreste, le ditho ka mokgwa o mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Bakorinthe 12:27
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ka mokgwa o jwalo, leha re le bangata, re mmele o le mong ho Kreste, e mong ke setho sa e mong.


re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, e leng batho ba halaleditsweng ho Kreste Jesu, ba bitseditsweng hore e be bahalaledi, mmoho le bohle ba rapelang Morena wa rona Jesu Kreste kae kapa kae, yena eo e leng Morena wa rona le wa bona, re re:


Le hoja re le bangata, re mmele o le mong, hobane bohobe bo bong, mme bohle re ja bohobe boo bo le bong.


Jwalokaha mmele o le mong o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele, leha di le ngata, e le tsa mmele o le mong, le yena Kreste o jwalo.


Haeba setho se seng se utlwa bohloko, ditho tse ding tsohle di utlwa bohloko le sona; kapa ha se seng se roriswa, tse ding tsohle di thaba le sona.


Na ha le tsebe hore mmele ya lona ke ditho tsa Kreste? Na nka nka ditho tsa Kreste, ka di etsa ditho tsa seotswa? Le kgale!


eo e leng mmele wa hae, o phediswang ke yena ka ho tlala, yena ya phediswang ke Modimo ka ho tlala.


hore ba lokisetse badumedi tshebeletso ya Modimo, mmele wa Kreste o tle o matlafale.


hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha le Kreste e le hlooho ya Kereke. Ke yena mopholosi wa mmele, e leng kereke.


e leng mmele wa hae oo re leng ditho tsa wona.


Hape ke yena hlooho ya mmele, e leng kereke. Ke yena qaleho, ke yena wa pele ya tsohileng bafung, e le hore, dinthong tsohle, e tle e be yena wa pele.


Ke thabela ho hlokofatswa ka baka la lona jwale, hobane bothong ba ka ke qetela mahloko a saletseng ho ao Kreste a bileng le wona ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.


Ba kgaoditse ho itshwarella ka hlooho, e leng yona e kopanyang mmele wohle ka manonyeletso le mesifa ya wona, e o laole, mme o hole kamoo Modimo a ratang kateng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ