Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Bakorinthe 11:29 - BIBELE

29 Ya jang le ya nwang a sa kgetholle hore ke mmele wa Morena, o ipitsetsa kahlolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Hobane ya jang, le ya nwang ka mokgwa o sa tshwanelang, o itjella, o inwella tsuo, hobane a sa lemohe mmele wa Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

29 Hobane ya jang le ya nwang ka mokgwa o sa tshwanelang, o itjella, mme o inwela tsuo, kahobane a sa lemohe mmele wa Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Hobane ya jang le ya nwang ka mokgwa o sa tshwanelang, o itjella, mme o inwela tsuo, kahobane a sa lemohe mmele wa Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Bakorinthe 11:29
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya hlomphang taelo ya kgosi a ke ke a tswa kotsi, mohlalefi o tseba hore nako ya kahlolo e teng.


Mora Motho o ile a tla a eja, a enwa, mme le re: ‘Motho enwa ke monyollo le letahwa, motswalle wa balekgetho le wa baetsadibe!’


Ka hona ya hanyetsang borena, o hanyetsa se beilweng ke Modimo, mme ba se hanyetsang ba tla ahlolwa.


a leboha, a bo ngwatha, a re: “Hona ke mmele wa ka, o fanwang ka baka la lona. Etsang hona ho nkgopola.”


Ka baka leo, mang kapa mang ya jang bohobe ba Morena, kapa ya nwelang senwelong sa Morena ka mokgwa o sa lokelang, o tla be a sitelwa mmele le madi a Morena.


Kahoo, motho ka mong a ke a itekole pele, e be hona a jang bohobe boo, mme a nwelang senwelong seo.


Ke ka baka leo ho nang le ba bangata hara lona, ba kulang le ba fokolang, mme ba bangata ba se ba shwele.


Athe dijo tse thata ke tsa batho ba baholo, ba seng ba ithutile ho hlalohanya botle le bobe.


Bana beso, le se ke la iketsa baruti kaofela, kaha le a tseba hore rona re tla ahlolwa haboima ho feta.


Ho feta tsohle, bana beso, le se ke la hlapanya leha e le ka lehodimo kapa ka lefatshe, leha e le ka mokgwa ofe kapa ofe. Ha le re “e”, le re “e”; ha le re “tjhe”, le re “tjhe”; e le hore le se ke la welwa ke kahlolo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ