Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 9:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ponong ya ka ka bona jwalo le tsona dipere, le ba di kaletseng; ditshireletso tsa bona e ne e le tsa mollo, le tsa hiasinthe, le tsa sebabole; dihlooho tsa dipere di ne di le jwaloka dihlooho tsa ditau; ho ne ho etswa melomong ya tsona mollo, le mosi, le sebabole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Ponong eo dipere le bapalami ba tsona ba ne ba tadimeha tjena: Ba ne ba itshireleditse difuba ka dintho tse tshwanang le mollo, le lehakwe la safire, le sebabole ka mmala, mme dihlooho tsa dipere di ne di le jwaloka dihlooho tsa ditau, melomong ya tsona ho betseha mollo, le mosi, le sebabole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Yaba ke bona dipere ponong, le ba e palameng, ba e-na le diiphemelo tsa sefuba tsa mollo, le tsa jacinthe, le sebabole; mme melomong ya tsona ho ne ho tswa mollo le mosi le sebabole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Yaba ke bona dipere ponong, le ba e palameng, ba e-na le diiphemelo tsa sefuba tsa mollo, le tsa jacinthe, le sebabole; mme melomong ya tsona ho ne ho tswa mollo le mosi le sebabole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 9:17
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jehova o nesetsa Sodoma le Gomora sebabole le mollo o tswang ho Jehova mahodimong.


Ho Bagade ha tloha bahale ba tshwanelang ntwa ho ya e lwana, ba hlometseng thebe le lerumo; mahlo a bona a ne a tshwana le a ditau, ka lebelo ba ne ba le jwaloka matsa dithabeng; ba ne ba tlile ho Davida, ha a le seqhobong:


O nesetsa bakgopo mashala le mollo le sebabole; moya o tjhesang ke sona senwelo seo ba se abetsweng.


Hobane e se e le kgale Tofethe e lokisitswe, e lokiseditswe morena; e sekoti, e ahlamile; patsi e ngata le mollo di bokelletswe teng; phefumoloho ya Jehova, e kang noka ya sebabole, e tla di hotetsa.


Letsoho la Jehova la eba ho nna ka phirimana, mophonyohi a eso ho fihle, mme Jehova a ahlamisa molomo wa ka, ho fihlela a ba a etla ho nna hosasa; molomo wa ka wa ahlamiswa, ha ke a ka ka hlola ke eba semumu.


Eitse ha ke tadima, ha eba jwaloka hoja ke le Susane, motse wa moreneng wa naha ya Elame; ha ke tadima ponong, ka fumana ke dutse pela noka e kgolo ya Ulai.


ha ke sa bolela ka thapelo, monna eo Gabriele, eo ke neng ke mmone pele ponong e nngwe, a phakisa a fofela ho nna, e le ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya;


Ekare ha motho a rata ho di etsa hampe, mollo o tla tswa melomong ya tsona, mme o tla ja dira tsa tsona; mme e mong le e mong ya ratang ho di etsa hampe, e ka kgona a shwe jwalo.


le yena o tla nwa veine ya bohale ba Modimo e tshetsweng, e sa tswakwa, senwelong sa kgalefo ya wona, mme o tla hlokofatswa mollong le sebaboleng pontsheng ya mangeloi a halalelang le ya Konyana.


Mme sebata sa tshwarwa, mme hammoho le sona ha tshwarwa moporofeta wa bohata ya neng a etsa mehlolo pela sona, eo a kgelositseng ka yona ba nkileng letshwao la sebata le ba rapetseng setshwantsho sa sona.


Mme Diabolose ya ba kgelositseng a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo ho seng ho le sebata le moporofeta wa bohata, mme ba tla hlokofatswa motshehare le bosiu, ka ho sa feleng.


wa bohlano ke wa sardonise, wa botshelela wa sardone, wa bosupa wa krisolithe, wa boroba meno e le mmedi wa berile, wa boroba mono o le mong wa topase, wa leshome wa krisoprase, wa leshome le motso o mong wa hiasinthe, wa leshome le metso e mmedi wa amethiste.


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.


Mme ka ntho tse tharo tsena, mollo, mosi, le sebabole, tse tswang melomong ya tsona, karolo ya boraro ya batho ya eshwa.


Di ne di rwetse ditshireletso tsa sefuba, tse jwaloka ditshireletso tsa tshepe, mme modumo wa dipheo tsa tsona o no o le jwaloka modumo wa makoloi le wa dipere tse ngata tse mathelang ntweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ