Tshenolo 7:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)14 Ka re ho yena: Monghadi, ho tseba wena. A re ho nna: Ke ba tswang mahlomoleng a maholo; ba hlatswitse diaparo tse telele tsa bona, ba di sweufaditse mading a Konyana. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE14 Ka mo araba, ka re: “Monghadi, ho tseba wena.” A re ho nna: “Ke ba tswang matshwenyehong a maholo. Ba hlatswitse diaparo tsa bona, mme ba di sweufatsa ka madi a Konyana. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Baasraak Sotho NT14 Ka re ho yena: Morena, ke wena o tsebang. A re ho nna: Bana ke ba tswang mahlomoleng a maholo, mme ba hlatswitse diaparo tsa bona tse telele, ba di sweufatsa mading a Konyana. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Contemporary Southern Sotho Bible 202414 Ka re ho yena: Morena, ke wena o tsebang. A re ho nna: Bana ke ba tswang mahlomoleng a maholo, mme ba hlatswitse diaparo tsa bona tse telele, ba di sweufatsa mading a Konyana. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ya ka tsebang ho ba bala, ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba eme pela terone le pela Konyana, ba apere diaparo tse telele tse tshweu, ba tshwere dipalema matsohong a bona,