Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 18:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Nyakallang ka baka la wona, wena lehodimo, le lona bahalaledi, baapostola, le baporofeta, hobane Modimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka yona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Wena lehodimo, le lona bahalaledi, le baapostola, le baporofeta, thabang ke hona, hobane Modimo o le ahloletse ka ho ahlola motse oo!’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 O thabele lona, lehodimo, le lona baapostola ba halalelang, le lona baporofeta; hobane Modimo o le pheteditse ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 O thabele lona, lehodimo, le lona baapostola ba halalelang, le lona baporofeta; hobane Modimo o le pheteditse ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 18:20
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba lokileng ba bona hoo, mme ba thaba; empa ba bolotsana kaofela ba thibana melomo.


Bona, ba tla rohaka, empa wena, o tla hlohonolofatsa; ha ba tsoha, ba tla tsieleha, mohlanka wa hao a ithabele.


Modimo wa poloko ya ka o ke o hodiswe, Modimo o mpheteletsang, o nkokobeletsang ditjhaba,


Thaba ya Sione a e ke e thabe, mme baradi ba Juda ba nyakalle ka baka la dikahlolo tsa hao.


Ke moo ya lokileng a tlang ho thaba, ha a bona phetetso; o tla hlatswa maoto a hae mading a molotsana;


Modimo wa diphetetso, Jehova, Modimo wa diphetetso, hlaha ka kganya.


Ha ba lokileng ba atleha, motse o a thaba; empa mohla ho timelang ba babe, ke ditlatse feela.


Hobane bona, Jehova o se a ya tloha nqalong ya hae ho putsa ba ahileng lefatsheng ka ho lekaneng le bokgopo ba bona; lefatshe le tla senola madi a momilweng ke lona, mme ha le sa tla pata ba bolailweng ho lona.


Mahodimo, nyakallang ka difela, hobane Jehova o sebeditse; le lona matebo a lefatshe hlabang ditlatse. Dithaba a di ke di dume ka mehoo ya thabo, le meru le difate tsa yona, hobane Jehova o lopolotse Jakobo, mme o bonahaditse kganya ya hae Iseraeleng.


Nyakallang, lona mahodimo, le wena lefatshe, o thabe, le lona dithaba, dumang ka ditlatse, hobane Jehova o tshedisitse setjhaba sa hae, o hauhetse mafutsana a hae.


Jehova o tlositse dikahlolo tsa hao, o fietse eo e leng sera ho wena; morena wa Iseraele, Jehova, o kahare ho wena: ha o sa tla hlola o bona bobe.


le mohaho o theilweng hodima motheo wa baapostola le wa baporofeta, oo Jesu Kreste e leng yena lejwe la ntlha la wona;


Sephiri seo ha se a ka sa senolelwa bana ba batho melokong e fetileng, jwalokaha se tswa senolwa mehleng ena ke Moya ho baapostola ba hae ba halalelang, le ho baporofeta;


Mme esale yena ya beileng ba bang baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba Evangeli, ba bang badisa le baruti,


Ke tla tahisa metsu ya ka madi, mme lerumo la ka le tla ja nama, e leng madi a ba bolawang, le a ba hapilweng, le a dihlooho tsa marena a dira.


le tle le hopole ditaba tse boletsweng pele ke baporofeta ba halalelang, le molao wa Morena Mmoloki, oo le o beetsweng ke baapostola ba lona;


Empa, haele lona, baratuwa, hopolang ditaba tse boletsweng pele ke baapostola ba Morena wa rona Jesu Kreste;


Thabang ke hona, mahodimo, le lona ba ahileng teng. Ho madimabe lona ba ahileng lefatsheng le lewatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ya hae ha e sa le ekae.


Le mo putse kamoo a le putsitseng kateng, mme le mo lefise habedi ho lekaneng mesebetsi ya hae, le mo tswakele habedi senwelong seo a le tswaketseng ho sona.


Ya howa ka lentswe le phahamileng, ya re: Morena ya halalelang, wa nnete, o tla dieha ho le hokae ho ahlola le ho lefetsa madi a rona ho ba ahileng lefatsheng?


Oho Jehova! dira tsohle tsa hao ha di ke di timele jwalo! Haele ba o ratang, ba tla tshwana le letsatsi ha le tjhaba matleng a lona. Yaba lefatshe le phomola ka dilemo tse mashome a mane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ