Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 18:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Mme balaedi ba dikepe kaofela, le bongata bohle bo tsamayang ka dikepe, le ba di tsamaisang, le bohle ba hwebang lewatleng, ba ema hole;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Empa leruo le lekaalo le fedisitswe, la fediswa ka nako ya hora feela!’ “Batsamaisi bohle ba dikepe, le bohle ba nkang maeto ka dikepe, le basesisi ba tsona, le bohle ba phelang ka ho sebetsa lewatleng, ba ne ba eme hole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Hobane ka hora e le nngwe, maruo a maholo hakalo a fedile. Mme bohle ba tsamaisang dikepe, le letshwele lohle la dikepe, le basesisi ba dikepe, le bohle ba hwebang lewatleng, ba ema hojana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Hobane ka hora e le nngwe, maruo a maholo hakalo a fedile. Mme bohle ba tsamaisang dikepe, le letshwele lohle la dikepe, le basesisi ba dikepe, le bohle ba hwebang lewatleng, ba ema hojana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 18:17
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bokollang, lona dikepe tsa Tarshishe, hobane qhobosheane ya lona e senyehile.


Athe o tla hlahelwa ke ntho tsena tse pedi ka tsatsi le le leng: ho hloka bana le bohlolohadi; di tla o hlahela ka sebele sa tsona, leha o ka thiba ka bongata ba boloi ba hao le ka bongata bo fetisisang ba boupelli ba hao.


Babilona o wele hang, o robehile. Bokollang bakeng sa hae, le kukele bohloko ba hae sehlare; ekaba o tla fola.


Sebe sa moradi wa setjhaba sa ka se hlile se seholo ho feta sa Sodoma, ya kileng a dihelwa hanghang, ho se matsoho a rometsweng teng.


Jwale, monga sekepe a mo atamela, a re ho yena: O robaletseng? Tsoha, o rapele Modimo wa hao! Ekaba Modimo o tla re hopola, re se ke ra timela.


Empa molaodi wa lekgolo a dumela motsamaisi wa sekepe le monga sona ho feta se bolelwang ke Pauluse.


Dinaka tse leshome tseo o di boneng ke marena a leshome, a esong ho nke borena, a mpa a tla amohela matla a borena hammoho le sebata ka hora e le nngwe.


Mme dinaka tse leshome tseo o di boneng ho sebata, di tla hloya seotswa, di se fedise, di se hlobodise, di je nama tsa sona, mme di se tjhese mollong.


Mme ba ithuntshetsa dihlooho ka lerole, ba howa, ba lla, ba bokolla, ba re: Jo! jo! Motse o moholo oo ba nang le dikepe lewatleng ba ruileng ka maruo a nonneng a wona, o ripitlehile jwang ka hora e le nngwe?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ