Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 18:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ditholwana tsa lehwetla, tseo pelo ya hao e di thabelang, di suthetse hole le wena, mme tse monate le tse bokgabane kaofela di tlohile ho wena, mme ha o sa tla hlola o di fumana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 “ ‘Tsohle tseo o neng o di labalabela di ile; tsohle tsa boithabiso, tse phatsimang, di o hlakohile; ha o ka ke wa hlola o di fumana le ka mohla.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Mme ditholwana tseo moya wa hao o neng o di lakatsa di tlohile ho wena, le tsohle tse monate le tse ntle di tlohile ho wena, mme ha o sa tla hlola o di fumana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Mme ditholwana tseo moya wa hao o neng o di lakatsa di tlohile ho wena, le tsohle tse monate le tse ntle di tlohile ho wena, mme ha o sa tla hlola o di fumana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 18:14
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ba kenwa ke takatso nahathothe, ba leka Modimo feelleng.


Ba leka Modimo dipelong tsa bona, ka ho kopa ho fepuwa kamoo ba lakatsang kateng; ba seba Modimo, ba re:


Nqalo eo ya rewa lebitso la Kibrothe-Hattaava (phupu ya boshwata), kahobane ke moo ho ileng ha epelwa batho ba hapilweng ke boshwata.


Le bona baditjhaba ba leng hara bona ba tshwarwa ke boshwata; esita le bona bana ba Iseraele ba boela ba lla, ba re:


Le mpa le ne le ile ho bonang na? Na e ne e le motho ya apereng kobo tse bonolo na? Bonang, ba apereng tse bonolo ba matlung a marena.


Empa Modimo wa re ho yena: Lewatla towe! Ka bosiu bona, moya wa hao o tla latwa ho wena; mme dintho tseo o di lokisitseng, e tla ba tsa mang na?


Empa Abrahama a re: Ngwana ka, hopola hobane o bone tse monate tsa hao bophelong ba hao; mme ka mokgwa o jwalo, Lasaro o bone tse mpe; jwale yena, o tshediswa mona, empa wena, o utlwiswa bohloko.


Taba tseo ke ditemoso ho rona, re tle re se ke ra lakatsa tse mpe, jwalokaha ba di lakaditse.


Le a lakatsa, mme ha le rue letho; le a bolaya, le na le mona, mme le sitwa ho fumana; le a lwana, le a tseka; ha le na letho kahobane ha le kope.


le sinamone, le dibano, le mira, le diarubetso, le veine, le ole, le lefi la phofo, le koro, le dikgomo, le dinku, le dipere, le makoloi, le mmele le meya ya batho.


Bahwebi ba mesebetsi eo, ba entsweng banoni ka wona, ba tla ema hole, ke ho tshaba dikotsi tsa wona, ka ho lla le ka ho hlomoha,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ