Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 16:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Eo ke meya ya batemona, e etsang mehlolo, e yang ho marena a lefatshe le a dinaha tsohle tseo ho ahilweng ho tsona, ho a memela ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo o matla wohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Meya ena ke bademona ba etsang mehlolo, ba yang ho bokella dikgosi tsa lefatshe lohle, ho tla ntweng ya letsatsi le leholo la Modimo ya matla wohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Ke meya ya batemona e etsang mehlolo, e tswelang ho ya ho marena a lefatshe le a lefatshe lohle, ho a bokellela ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo o matla wohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Ke meya ya batemona e etsang mehlolo, e tswelang ho ya ho marena a lefatshe le a lefatshe lohle, ho a bokellela ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo o matla wohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 16:14
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena wa Iseraele a bokanya baporofeta, ba batla ba eba makgolo a mane; a re ho bona: Hleka ke tla futuhela Ramothe-Gileade, kapa ke lese na? Ba re ho yena: Nyoloha, hobane Morena o tla o neela matsohong a morena.


Leha moporofeta a ka thetswa, a ba a bua polelo, e tla ba nna, Jehova, ke thetsitseng moporofeta eo; ke tla mo otlollela letsoho la ka, ke tle ke mo timeletse setjhabeng sa ka sa Iseraele.


Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e tle e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang.


Hobane ho tla hlaha bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.


Hobane ho tla hlaha Bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa dipontsho le mehlolo, ba tle ba thetse le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.


Mehleng eo, ha hlaha taelo ya Sesare Augusto, e reng, ho ngolwe palo ya baahi ba lefatshe lohle.


Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.


Ke simolla ka ho leboha Modimo wa ka ka Jesu Kreste ka baka la lona bohle, kahobane tumelo ya lona e roriswa lefatsheng lohle.


Ke lekanya eo ho tla ha hae ho leng ka tshebetso ya Satane, ka matla wohle, le ka dipontsho, le ka mehlolo ya bohata,


Empa Moya o ometse hore, mehleng ya morao, ba bang ba tla kwenehela tumelo, ba kgomarele meya e thetsang le dithuto tsa batemona;


Bohlale boo hase bo tswang hodimo, empa ke ba lefatshe, ba nama, ba batemona.


Marena ao kaofela a kopana, a tla a emisa hammoho pela metsi a Merome, ho lwantsha Iseraele.


Re a tseba hoba re tswetswe ke Modimo le hoba lefatshe lohle le rapaletse katlase ho e mobe.


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, e thetsang lefatshe kaofela, ya dihelwa; ya lahlelwa ntle, ya dihelwa lefatsheng, le mangeloi a yona.


Ka bona hlooho e nngwe ya sona e hlabilwe eka e ya shwa; empa leqeba leo, le e bolayang, la fola, mme lefatshe kaofela la makala ke sebata.


Mme ya ba bokella thoteng e bitswang Harmagedone, ka Seheberu.


Ka ba ka utlwa lengeloi le leng ka nqa ya aletare, le re: Efela, Morena, Modimo o matla wohle, dikahlolo tsa hao ke tsa nnete le tsa ho loka.


Ba tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla ba hlola, kahobane ke Morena wa marena, le Mmusi wa babusi, mme ba nang le yena ke ba bitsitsweng, le bakgethwa, le badumedi.


mme o tla tswa ho ya kgelosa ditjhaba tse dikgutlong tse nne tsa lefatshe, Gogo le Magogo, a ba bokellele ho lwana; palo ya bona e ka ka lehlabathe la lewatle.


Erekaha o bolokile lentswe la mamello ya ka, le nna ke tla o lwela nakong ya moleko, o tlang ho hlahela lefatshe kaofela, ho leka ba ahileng lefatsheng.


Hobane letsatsi le leholo la kgalefo ya yona le tjhabile, mme ho ka ema mang?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ