Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 14:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Lengeloi le leng la tswa tempeleng, la howeletsa ka lentswe le phahamileng ho ya dutseng lerung, la re: Kenya sekele ya hao, o kotule; hobane nako ya ho kotula e fihlile, hobane koro ya lefatshe e butswitse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Lengeloi le leng la tswa tempeleng, mme ka lentswe le phahameng la howeletsa ya dutseng hodima leru, la re: “Akgela sekele ya hao, o kotule, hobane nako ya ho kotula e fihlile, tse kotulwang tsa lefatshe di butswitse.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Lengeloi le leng la tswa tempeleng, la howeletsa ka lentswe le phahameng ho ya dutseng lerung, la re: Kenya sekele ya hao, o kotule; gonne thobo ya lefatshe e budule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Lengeloi le leng la tswa tempeleng, la howeletsa ka lentswe le phahameng ho ya dutseng lerung, la re: Kenya sekele ya hao, o kotule; gonne thobo ya lefatshe e budule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 14:15
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o dumela Jehova, mme Jehova a mmalla ho dumela ha hae hore ke ho loka.


Ka baka la Sione nke ke ka kgutsa, le ka baka la Jerusalema nke ke ka ipha sebaka, ha ho eso ho hlahe ho loka ha hae jwalokaha ho hlaha mafube a meso, le poloko ya hae e hlahe jwaloka serumula se tukang.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Moradi wa Babilona o jwaloka seotlo ka nako eo ho polwang ho sona; ho sa le motsotso o se okae, ho ntoo ba nako ya kotulo ho yena.


Akgelang sekele, hobane mabele a butswitse. Tloong, le hate, hobane sehatelo se tletse, dinkgo di bile di a kgaphatseha; hobane bolotsana ba bona bo boholo.


Di leseng tse pedi, di hole hammoho, ho be ho fihle kotulo; ke hona mohla ho kotulwang ke tla re ho bakotudi: Helang mofoka pele, le o tlame mangata, le o tjhese; le mpe le bokelle koro modikong wa ka.


sera se o jadileng ke Diabolose; kotulo ke bofelo ba lefatshe; bakotudi bona ke mangeloi.


mme dijo ha di butswitse, a phakise a kenye sekele; hobane kotulo e fihlile.


Ba re hanela ho bua le baditjhaba, hore ba tle ba bolokehe, ba ntse ba tlatsa jwalo kamehla tekanyo ya dibe tsa bona. Mme bohale ba Modimo bo ba thootheletswe ka ho phetheha.


Mme tempele ya Modimo ya bulwa lehodimong, mme areka ya selekane sa wona ya bonahala tempeleng ya wona; mme ha hlaha mahadima, le mantswe, le diaduma, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se seholo.


Sa etsa ka matla wohle a sebata sa pele pontsheng ya sona, mme sa etsa hore lefatshe, le ba ahileng ho lona, ba rapele sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolayang le neng le fodile.


Jwale ka tadima, mme ka bona leru le lesweu, mme e mong ya kang mora motho a dutse hodima leru, a rwetse moqhaka wa kgauta hloohong, mme a nkile sekele e bohale letsohong la hae.


Mme ya dutseng hodima leru a akgela sekele ya hae lefatsheng, mme lefatshe la kotulwa.


Lengeloi le leng la tswa tempeleng e lehodimong, le lona le nkile sekele e bohale.


Le leng hape lengeloi la tswa aletareng, le ena le matla hodima mollo, mme la howeletsa ka lentswe le phahamileng ho le nkileng sekele e bohale, la re: Akgela sekele ya hao e bohale, mme o kge merara ya lefatshe, hobane ditholwana tsa yona di butswitse.


Mangeloi a supileng, a tshwereng dikotsi tse supileng, a tswa tempeleng a apere masela a lene e ntle, e kganyang, mme a itlamile difubeng ka dinyepa tsa kgauta.


Lengeloi la bosupa la tshollela nkgo ya lona sebakeng; mme lentswe le leholo la tswa tempeleng ka nqa ya terone, la re: Ho entswe!


Ya howa ka lentswe le phahamileng, ya re: Morena ya halalelang, wa nnete, o tla dieha ho le hokae ho ahlola le ho lefetsa madi a rona ho ba ahileng lefatsheng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ