Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 13:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 le hore ho se be motho ya ka tsebang ho reka, leha e le ho rekisa, ha a se na letshwao, kapa lebitso la sebata, kapa palo ya lebitso la sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Sa etsa hore ho se be le ya mong ya ka rekang, kapa ya ka rekisang, a se na letshwao la sebatana, kapa palo e emetseng lebitso la sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 le hore ho se be motho ya ka rekang, leha e le ho rekisa, haese ya nang le letshwao, kapa lebitso la sebata, kapa palo ya lebitso la sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Le hore ho se be motho ya ka rekang, leha e le ho rekisa, haese ya nang le letshwao, kapa lebitso la sebata, kapa palo ya lebitso la sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 13:17
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa feela, motho a tle a se ke a ntshwabisa, hobane ke jere mabote a Morena Jesu mmeleng wa ka.


Mme sa etsa hore batho bohle, ba banyenyane le ba baholo, ba ruileng le ba fumanehileng, ba sa ruwang le ba ruilweng, ba amohele letshwao letsohong le letona la bona, leha e le phatleng tsa bona;


Ke moo bohlale bo leng teng. Ya hlalefileng a bale palo ya sebata; hobane ke palo ya motho: palo ya sona ke makgolo a tsheletseng a mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.


Mosi wa hlokofalo ya bona o nyoloha kamehla le mehla, mme barapedi ba sebata le ba setshwantsho sa sona ba ke ke ba eba le phomolo bosiu le motshehare, leha e le ba amohetseng letshwao la lebitso la sona.


Lengeloi la boraro la latela a mabedi ao, la re ka lentswe le leholo: Ekare ha motho a rapela sebata le setshwantsho sa sona, a nka le letshwao la sona phatleng ya hae, kapa letsohong la hae,


Ka bona ho kang lewatle la seipone le kopaneng le mollo; ba neng ba hlotse sebata, le setshwantsho sa sona, le letshwao la sona, le palo ya lebitso la sona, ba ne ba eme hodima lewatle la seipone, ba tshwere diharepa tsa Modimo.


Ho ne ho ngodilwe phatleng ya hae lebitso le reng: Sephiri: Babilona e moholo, mma diotswa le wa manyala a lefatshe.


Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.


ba tla bona sefahleho sa wona, mme lebitso la wona le tla ngolwa diphatleng tsa bona.


Ya hlolang, ke tla mo etsa tshiya tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a sa tla hlola a etswa teng; mme ke tla ngola hodima hae lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e motjha, ya theohang lehodimong ho Modimo wa ka, le lebitso la ka le letjha.


la re: Le se ke la senya lefatshe, leha e le lewatle, leha e le difate, re eso ho tshwaye bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ