Romela jwale, o mpokellele Baiseraele bohle thabeng ya Karmele, le baporofeta ba Baale ba makgolo a mane a mashome a mahlano, le baporofeta ba Ashtarothe ba makgolo a mane, ba jelang tafoleng ya Jesebele.
Leebana la ka, le ikaheletseng mafarung a mafika le mahaheng a dilomo, o mpontshe sefahleho sa hao, o nkutlwise lentswe la hao; etswe lentswe la hao le le monate, mme sefahleho sa hao se le setle.
Kgahliso e kakang leratong la hao, ngwaneso, molebeletswa wa ka! Lerato la hao le monate ho fetisa veine hakakang; monko wa menkwane ya hao o fetisa wa menkwane e meng kaofela.
Jehova, Modimo wa hao, o kahare ho wena: ke mohale ya pholosang. O tla o thabela ka thabo e kgolo, a be a kgutse ka baka la lerato la hae; o tla o nyakallela ka meduduetsa.