Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Sefela sa Salomone 5:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ke ne ke robetse, empa pelo ya me e ne e fadimeha ... Ke lentswe la moratuwa wa me! o a kokota: Mpulele, ngwaneso, thatohatsi ya ka, leebakgorwana la ka, mohlweki wa ka! Hobane hlooho ya ka e tletse phoka, thitsane ya ka e kolobile ke marothodi a bosiu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Leha ke ne ke robetse, pelo ya ka e ne hlobaela, ka utlwa moratuwa a kokota monyako, a re: “Mpulele kgaitsedi, moratuwa wa ka, leebana la ka, pabala ya ka; hlooho ya ka e metsi ke ho lalwa ke phoka, moriri wa ka o mongobo ke leswe la bosiu.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Sefela sa Salomone 5:2
39 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a nna a sebelletsa Ragele ka dilemo tse supileng, mme tsa eba ho yena jwaloka matsatsi a seng makae, kahobane a ne a mo rata.


ALEF. Ho lehlohonolo bao metsamao ya bona e tshepehang, ba yang ka molao wa Jehova!


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya o nyolotseng naheng ya Egepeta. Ahlamisa molomo wa hao, mme ke tla o tlatsa!


Ngwana ka, mphe pelo ya hao, mahlo a hao a kgahlwe ke tsela tsa ka.


Moratuwa wa me, bona, o motle, o a rateha; tao tsa rona ke botala.


Moratuwa wa me o a bua, o re ho nna: Tsoha, thatohatsi ya ka e ntle, tloha mona, o tle!


Leebana la ka, le ikaheletseng mafarung a mafika le mahaheng a dilomo, o mpontshe sefahleho sa hao, o nkutlwise lentswe la hao; etswe lentswe la hao le le monate, mme sefahleho sa hao se le setle.


Ke lentswe la moratuwa wa me! Bona, o a tla, o haola ka ho tlola le ka ho tlolaka hodima dithaba le maralla.


Bosiu ha ke le ditaong tsa me, ke batlile ya ratwang ke moya wa me; ka mmatla, empa ka mo hloka.


Thatohatsi ya ka, botle ba hao bo phethehile, ha ho sekodi ho wena.


O hapile pelo ya ka, ngwaneso, molebeletswa wa ka, o hapile pelo ya ka ka tjhadimo e le nngwe ya mahlo a hao, ka serwalo se le seng sa molala wa hao.


hlooho ya hae ke kgauta e tshekehileng, thitsane e forehileng ya hae e tshwana jwaloka lepheo la mokgwabane;


Ka bulela moratuwa wa me, empa moratuwa wa me o ne a se a tlohile, a ile; moya wa me o ne o idibana ha a bua le nna; ka mmatla, mme ha ke a ka ka mmona; ka mmitsa, mme ha a ka a araba.


Empa leebanakgorwana la ka, mohlweki wa ka, o mong feela; ke ngwana ya nnotshi ho mmae, moratuwa wa ya mo tswetseng. Barwetsana ba mmone, mme ba re, o lehlohonolo; mafumahadi le direthe ba mo rorisa.


molomo wa hao o be jwaloka veine e monate e phallelang ho moratuwa wa ka, e buisang melomo ya ba robetseng.


Metsi a mangata a ke ke a tima lerato, leha e le dinoka di ke ke tsa le qwedisa. Leha e mong a ka ntsha letlotlo la ntlo ya hae kaofela bakeng sa ho ithekela lerato leo, a ka nyatsuwa. —


Ke neile ba nkotlang mokokotlo wa ka, le ba hlothang ditedu ke ba neile marama a ka, ha ke a ka ka patela sefahleho sa ka dihlong le mathe.


Jwalokaha batho ba bangata ba ne ba makala ha ba mmona, kamoo sefahleho sa hae se neng se senyehile kateng ho fetisa tsa bohle, le tshobotsi ya hae e neng e fifetse ho fetisa ya bara ba batho;


A re a sa ntsane a bua le nna, ka wa fatshe ka sefahleho, ke idibane, empa a nkama, a nkemisa moo ke emeng teng.


Lengeloi le neng le bua le nna la boela la kgutla, la ntsosa, jwalokaha ho tsoswa motho borokong.


Hobane e mong le e mong ya kopang, o a newa; ya batlang o a fumana, mme ho bulelwa ya kokotang.


hore ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a re: O inketse mefokolo ya rona, o ipelesitse malwetse a rona.


Yare hosasa, a tsoha e sa le kameso, a tswa tlung, mme a ya feelleng, a rapela teng.


Eitse ha a le matswalong a maholo, a eketsa ho rapela ka matla; mme dikgororo tsa hae tsa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.


Matsatsing ao, a tswela thabeng ho rapela, mme a qeta bosiu a ntse a rapela Modimo.


Empa Petrose, le ba nang le yena, ba ne ba tshwerwe ke boroko. Yare ha ba tsoha, ba bona kganya ya hae, le banna ba babedi ba nang le yena.


Ere hobane a ntshe dinku tsa hae, a di etelle pele, mme dinku di mo latele, kahobane di tseba lentswe la hae.


Ke thakgisitswe le Kreste, mme ha e hlole e le nna ya phelang, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna; mme jwale, ha ke sa ntse ke phela nameng, ke iphelela tumelong ho Mora Modimo, ya nthatileng, a ba a itella nna.


Ke ka baka leo ho itsweng: Tsoha, wena morobadi, tloha hara bafu, mme Kreste o tla o bonesetsa.


Bao ke ba sa kang ba itshilafatsa le basadi; hobane ba sa le jwaloka mohla ba hlahang. Ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng; ke ba lopolotsweng hara batho, e be dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.


Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota; ekare ha e mong a utlwa lentswe la ka, mme a bula monyako, ke tla kena ha hae, mme ke tla lalla le yena, le yena le nna.


Empa o na le mabitso a ba seng bakae Sarda, ba sa kang ba silafatsa diaparo tsa bona; ba tla tsamaya le nna ka diaparo tse tshweu, kahobane ba loketswe ke hona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ